Mora motho o tla roma mangeloi a hae, mme a tla bokella ho tswa mmusong wa hae tsohle tse kgopisang le ba etsang bokgopo;
Mattheu 24:31 - Baasraak Sotho NT O tla roma mangeloi a hae ka modumo o moholo wa terompeta, mme a tla bokella bakgethwa ba hae meyeng e mene, ho tloha pheletsong e nngwe ya lehodimo ho isa pheletsong e nngwe. Sesotho 1909/1961 (SO) O tla roma mangeloi a hae a letsang diterompeta tse modumo o moholo, hore a bokelle bakgethwa ba hae meyeng e mene, ho qala pheletsong e nngwe ya mahodimo ho isa ho e nngwe. BIBELE O tla roma mangeloi a hae ka terompeta e modumo o moholo, mme a tla phutha bakgethwa ba hae ba etswa diqoleng tse nne tsa lefatshe, ba etswa pheletsong e ka nqena ya mahodimo ho isa ho e ka nqane.” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 O tla roma mangeloi a hae ka modumo o moholo wa terompeta, mme a tla bokella bakgethwa ba hae meyeng e mene, ho tloha pheletsong e nngwe ya lehodimo ho isa pheletsong e nngwe. |
Mora motho o tla roma mangeloi a hae, mme a tla bokella ho tswa mmusong wa hae tsohle tse kgopisang le ba etsang bokgopo;
Hoja matsatsi ao a se ke a kgutsufatswa, ho ka be ho se motho ya tla pholoha, empa ka baka la bakgethwa matsatsi ao a tla kgutsufatswa.
Hobane ho tla hlaha bo-Kreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa mehlolo e meholo le meeka; hoo, hola ke ntho e ka etswang, ba ka thetsang le bona bakgethwa.
Jwale ithuteng setshwantsho ka sefate sa feiye; Ha lekala la wona le se le le lenana, mme le hlahisa mahlaku, le a tseba hore lehlabula le haufi.
Mohla Mora motho a tlang ka kganya ya hae, a ena le mangeloi a halalelang kaofela, ke moo a tla dula teroneng ya kganya ya hae.
Ke moo a tla roma mangeloi a hae, mme a tla bokella bakgethwa ba hae meyeng e mene, ho tloha pheletsong ya lefatshe ho isa pheletsong ya lehodimo.
le hore pako le tshwarelo ya dibe di bolelwe ka lebitso la hae hara ditjhaba tsohle, ho qala Jerusalema.
E seng bakeng sa setjhaba seo feela, empa e le hore a bokelle bana ba Modimo ba hasaneng ba le bang.
Empa ke re: Na ha ba eso ho utlwe? Ee ruri, tumo ya bone e ne ya ya kwa lefatsheng lotlhe, le mafoko a bone kwa bokhutlong jwa lefatshe.
Ka motsotso, ka ho panya ha leihlo, ka terompeta ya ho qetela; hobane terompeta e tla lla, mme bafu ba tla tsoswa, ba se ke ba bola;
e le hore tsamaisong ya nako e tletseng a tle a bokelle nthong tsohle ho Kreste, tse mahodimong le tse lefatsheng; le ka ho yena:
Hobane Morena ka sebele o tla theoha lehodimong ka mohoo, ka lentswe la arekangeloi, le ka terompeta ya Modimo, mme ba shwetseng ho Kreste ba tla tsoha pele.
Jwale, banabeso, re a le rapela ka ho tla ha Morena wa rona Jesu Kreste, le ka ho phuthehela ha rona ho yena.
le modumo wa terompeta, le lentswe la mantswe; lentswe leo ba le utlwileng ba ileng ba kopa hore lentswe leo le se ke la hlola le bolelwa ho bona;
Sephiri sa dinaledi tse supileng tseo o di boneng letsohong la ka le letona, le dikandelare tse supileng tsa kgauta. Dinaledi tse supileng ke mangeloi a dikereke tse supileng;
Lengeloi la bosupa la letsa; mme ha utlwahala mantswe a maholo lehodimong, a re: Mebuso ya lefatshe e fetohile mebuso ya Morena wa rona le ya Motlotsuwa wa hae; mme o tla busa ka ho sa feleng le kamehla.
Kamora tseo, ka bona mangeloi a mane a eme dikgutlong tse nne tsa lefatshe, a tshwere meya e mene ya lefatshe, hore moya o se ke wa fokela lefatsheng, leha e le lewatleng, kapa sefateng sefe kapa sefe.