Ba re ho yena: Ke hobane ha ho motho ya re hirileng. A re ho bona: Le lona eyang tshimong ya merara; mme tsohle tse lokileng, le tla di amohela.
Mattheu 22:9 - Baasraak Sotho NT Eyang ke hona ditseleng, mme le meme moketeng wa lenyalo bohle bao le ba fumanang. Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale, ikeleng mateonong a ditsela, mme le biletse bohading bohle bao le ba fumanang. BIBELE Eyang ke hona mateanong a ditsela, mme bohle bao le ba fumanang le ba memele moketeng.’ Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eyang ke hona ditseleng, mme le meme moketeng wa lenyalo bohle bao le ba fumanang. |
Ba re ho yena: Ke hobane ha ho motho ya re hirileng. A re ho bona: Le lona eyang tshimong ya merara; mme tsohle tse lokileng, le tla di amohela.
Bahlanka bao ba tswela ditseleng, mme ba bokella bohle bao ba ba fumaneng, ba babe le ba molemo; mme mokete wa lenyalo wa tlala ba memilweng.
Yaba o re ho bahlanka ba hae: Mokete wa lenyalo o lokisitswe, empa ba neng ba memilwe ba ne ba sa tshwanela.
le hore pako le tshwarelo ya dibe di bolelwe ka lebitso la hae hara ditjhaba tsohle, ho qala Jerusalema.
Hobane Morena o re laetse jwalo, a re: Ke o beile lesedi la ditjhaba, o tle o be poloko ho isa pheletsong tsa lefatshe.
Nna, ke le e monyenyane ho e monyenyane ho bahalaledi bohle, ke neilwe mohau ona, hore ke bolele hara baditjhaba monono o ke keng wa batlisiswa wa Kreste;
Mme Moya le monyaduwa ba re: Tlo! Mme ya utlwang a re: Tlo! Le ya nyorilweng a a tle. Mme ya ratang, a nke feela metsi a bophelo.