Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 22:9 - BIBELE

9 Eyang ke hona mateanong a ditsela, mme bohle bao le ba fumanang le ba memele moketeng.’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Jwale, ikeleng mateonong a ditsela, mme le biletse bohading bohle bao le ba fumanang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Eyang ke hona ditseleng, mme le meme moketeng wa lenyalo bohle bao le ba fumanang.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Eyang ke hona ditseleng, mme le meme moketeng wa lenyalo bohle bao le ba fumanang.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 22:9
16 Referencias Cruzadas  

Kgosi ya Babilona e tla emisa mateanong a ditsela, e emise mateanong a tsela tse pedi ho batla tsela. E tla laola ka ho etsa lotho ka metsu, e botse medimo ya yona ya lelapa, e hlahlobe sebete sa phoofolo e hlabilweng.


Mohla tsatsi la sona la ditsietsi, o se ke wa lalla mateanong a ditsela, hore o bolaye baphaphathehi ba sona, le ho neelana ka ba phonyohileng ba sona.


“Ba re ho yena: ‘Ke kahobane ha ho ya re fang mosebetsi.’ “A re ho bona: ‘Le lona eyang tshimong ya ka ya morara.’


Yaba bahlanka ba ya ditseleng, ba phutha bohle bao ba ba fumanang, ba lokileng le ba kgopo, mme ntlo ya mokete ya tlala tswete!


“Yaba e re ho bahlanka ba yona: ‘Mokete wa lenyalo o lokisitswe, empa ba neng ba memilwe ba ne ba sa lokela.


le hore ka lebitso la hae, ditjhaba tsohle di phatlalletswe pako le tshwarelo ya dibe, ho qala Jerusalema.


Morena o re laetse tjena: “ ‘Ke o entse lesedi la ditjhaba, hore o ise pholoho le dipheletsong tsa lefatshe!’ ”


Nna ke e monyenyane hara badumedi bohle, empa ke abetswe mosebetsi ona o kgethehileng, wa ho bolella baditjhaba molaetsa o molemo wa menono e ke keng ya lekanngwa ya Kreste,


Moya le monyaduwa ba re: “Tloo.” Ya utlwang le yena a ke a re: “Tloo.” Ya nyorilweng a ke a tle; ya ratang a ke a nwe metsi a bophelo, a fanwang feela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos