Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 22:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Jwale, ikeleng mateonong a ditsela, mme le biletse bohading bohle bao le ba fumanang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Eyang ke hona mateanong a ditsela, mme bohle bao le ba fumanang le ba memele moketeng.’

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Eyang ke hona ditseleng, mme le meme moketeng wa lenyalo bohle bao le ba fumanang.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Eyang ke hona ditseleng, mme le meme moketeng wa lenyalo bohle bao le ba fumanang.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 22:9
16 Referencias Cruzadas  

Hobane morena wa Babilona o eme mmileng o moholo maarohanong a ditsela tse pedi, hore a etse bonohe; o shohlomanya metsu, o botsa diterafime, o tadima sebete.


O se ke wa ema makopanong a ditsela ho timetsa batho ba sona ba balehang, o se ke wa neela dira ba phonyohileng ba sona ka tsatsi la tsietsi.


Ba re ho yena: Ke kahobane re sa ka ra memuwa ke motho. A re ho bona: Le lona, eyang tshimong ya ka ya merara, mme ke tla le nea se le loketseng.


Yaba bahlanka bao ba tswela ditseleng, ba bokella bohle bao ba ba fumanang, dikgwahlapa le dikgabane, mme ntlo ya bohadi ya tlala batho ba dulang dijong.


Yaba o bolella bahlanka ba hae, a re: Bohadi bo se bo lokisitswe, empa ba neng ba bo bileditswe, e ne e se ba bo tshwanelang.


ho tle ho bolelwe ka lebitso la hae pako le tshwarelo ya dibe ho ditjhaba tsohle, ho qala ka Jerusalema.


Hobane Morena o re laetse jwalo ka lentswe le reng: Ke o beile lesedi la ditjhaba, hore o be poloko ya tsona ho isa pheletsong tsa lefatshe.


Mohau oo o neilwe nna, ke leng e monyenyane ho bahalaledi bohle, wa hore ke bolele hara baditjhaba monono o sa fihlelweng wa Kreste,


Moya le monyaduwa ba re: Tloo! Le ya utlwang a ke a re: Tloo! Le ya nyorilweng ha a tle; le ya ratang, a nke feela metsi a bophelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos