Yaba balemi ba tshwara bahlanka ba hae, ba otla e mong, ba bolaya e mong, ba tlepetsa e mong ka majwe.
Mattheu 21:34 - Baasraak Sotho NT Yare ha nako ya ditholwana e atamela, a romela bahlanka ba hae ho balemi, hore ba nke ditholwana tsa sona. Sesotho 1909/1961 (SO) Yare ha nako ya ditholwana e atametse, a roma bahlanka ba hae ho balemi ho nka ditholwana tsa hae. BIBELE Yare ha nako ya kotulo e atametse, a romela bahlanka ba hae ho balemi ho ya bokella seabo sa hae sa kotulo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yare ha nako ya ditholwana e atamela, a romela bahlanka ba hae ho balemi, hore ba nke ditholwana tsa sona. |
Yaba balemi ba tshwara bahlanka ba hae, ba otla e mong, ba bolaya e mong, ba tlepetsa e mong ka majwe.
Empa balemi, ha ba bona mora, ba buisana, ba re: Enwa ke mojalefa; tloong, re mmolayeng, mme re nke lefa la hae.
Ba re ho yena: Bakgopo bao o tla ba timetsa hampe, mme tshimo ya hae ya merara o tla e nea balemi ba bang, ba tlang ho mo nea ditholwana ka dinako tsa tsona.
Yaba o qala ho bua le bona ka ditshwantsho. Monna e mong a lema tshimo ya merara, a e potapota ka lerako, a tjheka sehatelo sa veine, a haha tora, a e lefisa balemi, a ya naheng e hole.
Empa balemi bao ba bolellana, ba re: Enwa ke mojalefa; tloong, re mmolayeng, mme lefa e tla ba la rona.
Jwale monga tshimo ya merara o tla etsa jwang? o tla tla, a timetse balemi, mme tshimo ya merara o tla e nea ba bang.
Yaba o qala ho bolella batho papiso ena; Monna e mong o ile a lema serapa sa morara, a se nea balemi, mme a ya naheng e hole ka nako e telele.