Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 21:41 - Baasraak Sotho NT

41 Ba re ho yena: Bakgopo bao o tla ba timetsa hampe, mme tshimo ya hae ya merara o tla e nea balemi ba bang, ba tlang ho mo nea ditholwana ka dinako tsa tsona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

41 Ba re ho yena: O tla timetsa ba babe bao hampe, mme tshimo ya hae ya merara o tla e laeletsa balemi basele, ba tla mo nea ditholwana nakong ya tsona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

41 Ba re ho yena: “Batho bao ba kgopo o tla ba timetsa hampe, tshimo a e nee balemi ba bang ho e lema seahlolo, ba tla mo nea seabo sa kotulo ka nako ya sona.”

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

41 Ba re ho yena: Bakgopo bao o tla ba timetsa hampe, mme tshimo ya hae ya merara o tla e nea balemi ba bang, ba tlang ho mo nea ditholwana ka dinako tsa tsona.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 21:41
38 Referencias Cruzadas  

Yare ha nako ya ditholwana e atamela, a romela bahlanka ba hae ho balemi, hore ba nke ditholwana tsa sona.


Jwale, mohla monga tshimo ya merara a tlang, o tla etsang ka balemi bao?


Ka baka leo, ke re ho lona: Le tla amohuwa mmuso wa Modimo, o newe setjhaba se tla bea ditholwana tsa wona.


Seolo sa hae se letsohong la hae, mme o tla hlwekisa seotlo sa hae ruri, a bokelle koro ya hae modikong; empa mmoko o tla o tjhesa mollong o sa timeng.


O tla tla, a timetse balemi bao, mme tshimo ya merara o tla e nea ba bang. Yare ha ba utlwa, ba re: Ha ho jwalo!


Eitse hobane ho fete kgang e kgolo, Petrose a ema, a re ho bona: Banna ba heso, le a tseba hobane e sa le kgale Modimo o re kgethile hara rona, hore baditjhaba ba utlwe lentswe la Evangeli ka molomo wa ka, dumela.


Eitse ha ba hana, ba nyefola, a hlohlora diaparo tsa hae, a re ho bona: Madi a lona a be hodima dihlooho tsa lona; Ke hlwekile: ho tloha jwale ke tla ya ho Baditjhaba.


Le tsebe hoba poloko ya Modimo e rometswe ho baditjhaba, mme ba tla e utlwa.


Eitse ha ntata Publiase a robetse, a tshwerwe ke feberu le ke phallo ya madi; Pauluse a kena ho yena, a rapela, a mmea matsoho hodima hae, a mo fodisa.


ba re hanela ho bua le baditjhaba e le hore ba tle ba bolokehe, e le hore ba tlatse dibe tsa bona kamehla;


Iponeleng hore le se ke la hana ya buang. Hobane ekare ha ba sa ka ba phonyoha ba hanneng ya buileng lefatsheng lefatsheng, rona re ke ke ra phonyoha hakaakang, ha re furalla ya buang a le lehodimong;


Rona re tla phonyoha jwang, ha re sa hlokomele poloko e kalo; e leng e qadileng ho bolelwa ke Morena, mme ya tiiswa ho rona ke ba mo utlwileng;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos