Mattheu 21:32 - Baasraak Sotho NT Hobane Johanne o tlile ho lona ka tsela ya ho loka, mme ha le a ka la mo dumela, empa balekgetho le diotswa ba dumela ho yena; Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane Johanne o tlile ho lona ka tsela ya ho loka, mme ha le a ka la mo dumela; empa balekgetho le basadi ba bafebi ba mo dumetse; mme lona, leha le bone hoo, ha le a ka la baka, la mo dumela. BIBELE Johanne o tlile ho lona ka tsela ya ho loka, mme ha le a ka la mo dumela, empa balekgetho le diotswa ba ile ba mo dumela. Feela leha le bone, ha le a ka la ikwahlaya hamorao, la mo dumela.” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane Johanne o tlile ho lona ka tsela ya ho loka, mme ha le a ka la mo dumela, empa balekgetho le diotswa ba dumela ho yena; |
Kolobetso ya Johanne e ne e tswa kae? lehodimong, kapa ho batho? Mme ba eletsana, ba re: Ha re ka re: E ne e etswa lehodimong; o tla re ho rona: Ke ka baka lang ha le sa ka la mo dumela?
Ke ofe ho ba babedi bao ya entseng thato ya ntatae? Ba re ho yena: Wa pele. Jesu a re ho bona: Kannete ke re ho lona: balekgetho le diotswa ba le etella pele ho kena mmusong wa Modimo.
Hobane ha le rata ba le ratang, le na le moputso ofe? Le bona balekgetho ha ba etse jwalo?
O laye ka bonolo ba hanyetsang; ha ekaba mohlomong Modimo o tla ba nea pako e isang tsebong ya nnete;
Banabeso, iponeleng, esere mohlomong ho e mong wa lona ho ka ba le pelo e mpe ya ho se dumele, ya ho furalla Modimo o phelang.
Ho ka be ho bile molemo ho bona, hoja ba ka be ba sa ka ba tseba tsela ya ho loka, ho ena le ho e tseba, ba kgelohe taelo e halalelang eo ba e neilweng.