Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 21:32 - BIBELE

32 Johanne o tlile ho lona ka tsela ya ho loka, mme ha le a ka la mo dumela, empa balekgetho le diotswa ba ile ba mo dumela. Feela leha le bone, ha le a ka la ikwahlaya hamorao, la mo dumela.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Hobane Johanne o tlile ho lona ka tsela ya ho loka, mme ha le a ka la mo dumela; empa balekgetho le basadi ba bafebi ba mo dumetse; mme lona, leha le bone hoo, ha le a ka la baka, la mo dumela.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

32 Hobane Johanne o tlile ho lona ka tsela ya ho loka, mme ha le a ka la mo dumela, empa balekgetho le diotswa ba dumela ho yena;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

32 Hobane Johanne o tlile ho lona ka tsela ya ho loka, mme ha le a ka la mo dumela, empa balekgetho le diotswa ba dumela ho yena;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 21:32
19 Referencias Cruzadas  

Mmila o moholo o tla ba teng moo, o rewe lebitso la Tsela ya Kgalalelo. Baetsadibe ba ke ke ba tsamaya ka yona, e tla ba ya ba lokelang ho e tsamaya, ba ke ke ba lahleha leha e le dithoto.


Morena o bua tjena: “Emang mateanong a ditsela le qamake, le botse: ‘Tsela ya kgale, e lokileng, e kae?’ Tsamayang ka yona, mme le tla fumana phomolo. Empa lona la re: ‘Ha re ka ke ra e tsamaya!’


“Etswe Johanne o ile a tla a sa je, a sa nwe, yaba ho thwe: ‘O na le modemona.’


Kolobetso ya Johanne e ne e etswa kae: Lehodimong kapa bathong?” Ba buisana ba le bang, ba re: “Ha re ka re, e ne e etswa lehodimong, o tla re ho rona, na ke ka baka lang re sa kang ra mo dumela.


“Ke ofe ho bao ba babedi ya entseng thato ya ntatae?” Ba re: “Ke wa pele.” Jesu a re ho bona: “Ruri ke a le bolella: Balekgetho le diotswa ba tla kena Mmusong wa Modimo pele ho lona.


Haeba le rata ba le ratang feela, le ka ba le moputso wa eng? Ana balekgetho le bona ha ba etse jwalo na?


A rute bahanyetsi ka bonolo. Mohlomong Modimo a ka ba fa hore ba bake, ba tsebe nnete,


Bana beso, hlokomelang, esere mohlomong e mong wa lona a ba le pelo e mpe, e hanang ho dumela, e mo arohanyang le Modimo ya phelang.


Ho ka be ho bile molemo ho bona, hoja ba ne ba sa ka ba tseba tsela ya ho loka, ho ena le hore, ha ba se ba e tsebile, ba kwenehele ditaelo tse halalelang tseo ba di neilweng.


Ke mo file nako ya hore a bake, empa o hana ho bakela bohlola ba hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos