A re ho bona: Eyang motsaneng oo le o lebeletseng, mme hanghang le tla fumana esele e holehilweng, e nang le eselana;
Mattheu 21:3 - Baasraak Sotho NT Ekare ha motho a le bolella taba, le tle le re: Morena o a di hloka; mme o tla phakisa a di romele. Sesotho 1909/1961 (SO) Etlare ha motho a le botsa taba, le tle le re ho yena: Morena o a di hloka; mme o tla phakisa a di romele. BIBELE mme ha motho a ka le botsa ho hong, le re ho yena: ‘Morena o a di hloka,’ mme o tla di lokolla hanghang.” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ekare ha motho a le bolella taba, le tle le re: Morena o a di hloka; mme o tla phakisa a di romele. |
A re ho bona: Eyang motsaneng oo le o lebeletseng, mme hanghang le tla fumana esele e holehilweng, e nang le eselana;
Jwalokaha o mo neile matla hodima nama yohle, hore bohle bao o mo neileng bona, a ba nee bophelo bo sa feleng.
Ha o sebeletswe ke matsoho a batho, jwaloka hoja o hloka letho, kahobane ke wona o neang bohle bophelo le phefumoloho le dintho tsohle.
Empa ho lebohuwe Modimo ya kentseng tjheseho e tshwanang le eo pelong ya Tite bakeng sa lona.
Hobane le tseba mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste, hore, leha a ne a ruile, o ile a futsaneha ka baka la lona, hore lona ka bofuma ba hae le tle le rue.
Neo e nngwe le e nngwe e molemo, le neo e nngwe le e nngwe e phethehileng, e tswa hodimo, e theoha ho Ntate wa masedi, eo ho yena ho se nang phetoho, leha e le moriti wa ho reteleha.