Mattheu 20:28 - Baasraak Sotho NT Jwalokaha Mora Motho a sa tlela ho sebeletswa, empa ho sebeletsa, le ho fana ka bophelo ba hae ho ba topollo ya ba bangata. Sesotho 1909/1961 (SO) jwaloka Mora motho, ya sa kang a tlela ho sebeletswa, empa e le ho sebeletsa le ho neela bophelo ba hae ho ba topollo ya ba bangata. BIBELE Ka mokgwa o jwalo Mora Motho ha a ya tlela ho sebeletswa, empa ho tla sebeletsa le ho neelana ka bophelo ba hae hore e be topollo ya ba bangata.” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwalokaha Mora Motho a sa tlela ho sebeletswa, empa ho sebeletsa, le ho fana ka bophelo ba hae ho ba topollo ya ba bangata. |
Hobane hona ke madi a ka a selekane se setjha, a tshollelwang ba bangata bakeng sa tshwarelo ya dibe.
Jesu a re ho yena: Diphokojwe di na le mesima, le dinonyana tsa lehodimo di na le dihlaha; empa Mora motho ha a na moo a ka samelang hlooho teng.
Hobane le Mora Motho ha a ka a tlela ho sebeletswa, empa e le ho sebeletsa, le ho neela bophelo ba hae ho ba topollo ya ba bangata.
Hobane e moholo ke ofe, ya dutseng dijong, kapa ya sebeletsang? Na hase ya dutseng dijong na? empa ke le hara lona jwaloka ya sebeletsang.
Ke yena ya neng a neelwa ka baka la ditlolo tsa rona, mme a tsoswa hore re bewe ba lokileng.
Hobane le tseba mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste, hore, leha a ne a ruile, o ile a futsaneha ka baka la lona, hore lona ka bofuma ba hae le tle le rue.
Eo re nang le topollo ho yena ka madi a hae, e leng tshwarelo ya dibe, ka boholo ba mohau wa hae;
Le tsamaye leratong, jwalokaha Kreste le yena a re ratile, mme a ikgafa bakeng sa rona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.
Ke yena ya ikgafileng hore e be topollo bakeng sa bohle, e tle e be bopaki ka nako e loketseng.
Ya ineetseng bakeng sa rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a itlhwekisetse setjhaba seo e leng sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e molemo.
Hobane ho ne ho loketse hore yena eo dintho tsohle di leng teng ka baka la hae, le eo dintho tsohle di leng teng ka yena, ha a tlisa bara ba bangata kganyeng, ho phetha molaodi wa poloko ya bona ka mahlomola.
Ka mokgwa o jwalo Kreste o ile a nyeheloa hang hore a jare dibe tsa ba bangata; mme ho ba mo lebeletseng o tla hlaha kgetlo la bobedi a se na sebe ho isa polokong.
Ke yena ya ileng a jara dibe tsa rona mmeleng wa hae sefateng, hore rona, ba shweleng ka nqeng ya dibe, re phelele ho loka;
Hobane Kreste le yena o kile a shwela dibe hang feela, ya lokileng a shwela ba sa lokang, hore a tle a re ise ho Modimo, a bolawa nameng, empa a phediswa ke Moya.
Ke yena e leng pheko ya dibe tsa rona, mme e seng tsa tsa rona feela, empa le tsa lefatshe lohle.
le ho Jesu Kreste, eo e leng paki e tshepehang, letsibolo la bafu, le kgosana ya dikgosi tsa lefatshe. Ho ya re ratileng, ya re hlatswitseng dibeng tsa rona ka madi a hae.