Mattheu 2:9 - Baasraak Sotho NT Eitse ha ba utlwa morena, ba tloha; mme bonang, naledi eo ba e boneng botjhabela, ya ba etella pele, ya ba ya fihla, ya ema hodima moo ngwana a leng teng. Sesotho 1909/1961 (SO) Yare ha ba utlwile morena, ba ya; ebile naledi eo ba e boneng botjhabela, e ba etella pele, ya fihla, ya ema hodima moo ngwana a leng teng. BIBELE Yare hoba ba utlwe puo ya kgosi ba tsamaya, mme naledi eo ba e boneng e hlaha ya ba etella pele ho fihlela e ema hodima moo ngwana a neng a le hona teng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha ba utlwa morena, ba tloha; mme bonang, naledi eo ba e boneng botjhabela, ya ba etella pele, ya ba ya fihla, ya ema hodima moo ngwana a leng teng. |
ba re: O kae ya tswetsweng morena wa Bajuda? hobane re bone naledi ya hae botjhabela, mme re tlile ho mo kgumamela.
A ba roma Bethlehema, a re: Eyang le botsisise tsa ngwana ka hloko; mme ha le mo fumane, le ntsebise, hore le nna ke ye ke mo kgumamele.
Hape, re na le lentswe la boporofeta le tiileng ho feta; tseo le etsang hantle ka ho di ela hloko, jwalokaha le le lebone le kganyang nqalong e lefifi, ho fihlela meso e hlaha, mme naledi ya meso e tjhabela dipelong tsa lona.