Leha ho le jwalo, e le hore re se ke ra ba kgopisa, eya lewatleng, o akgele sehape, mme o nke hlapi e tla fihla pele; mme etlare hobane o ahlamisitse molomo wa yona, o tla fumana sekoto sa tjhelete;
Mattheu 18:8 - Baasraak Sotho NT Ha ho le jwalo, ha letsoho la hao kapa leoto la hao le o dihela sebeng, o di kgaole, o di lahle hole le wena; Sesotho 1909/1961 (SO) Empa letsoho la hao, kapa leoto, ha le o dihela, o le pome, o le lahlele hole le wena; hobane ho molemo ho wena ho kena bophelong leha o le tsohane, kapa o le sehlotsa, ho ena le ho lahlelwa mollong o sa feleng, o ena le maoto a mabedi, kapa matsoho a mabedi. BIBELE “Haeba letsoho la hao kapa leoto la hao le o dihela sebeng, le pome, o le lahle; ho molemo ho wena ho kena bophelong o le tsohane kapa kotwane ho ena le ho lahlelwa mollong o sa timeng o ena le matsoho a mabedi kapa maoto a mabedi. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ha ho le jwalo, ha letsoho la hao kapa leoto la hao le o dihela sebeng, o di kgaole, o di lahle hole le wena; |
Leha ho le jwalo, e le hore re se ke ra ba kgopisa, eya lewatleng, o akgele sehape, mme o nke hlapi e tla fihla pele; mme etlare hobane o ahlamisitse molomo wa yona, o tla fumana sekoto sa tjhelete;
Jwale o tla re ho ba ka ho le letshehadi: Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolose le mangeloi a hae;
Bao ba tla ya bohlokong bo sa feleng, empa ba lokileng ba tla ya bophelong bo sa feleng.
Ka mokgwa o jwalo, e mong le e mong wa lona ya sa lahleng tsohle tseo a nang le tsona, a ke ke a ba morutuwa wa ka.
A howa, a re: Ntate Abrahama, nkgauhele, o rome Lasaro, a qopetse ntlha ya monwana wa hae metsing, a phodise leleme la ka; hobane ke hlokofatsoa ke lelakabe lena.
Bosiu bo se bo ile, letsatsi le se le atametse; a re lahleng ke hona mesebetsi ya lefifi, mme re apareng dihlomo tsa lesedi.
Eo o tla noa veine ea khalefo ea Molimo, e tšetsoeng ntle le motsoako ka senoelong sa khalefo ea hae; mme o tla hlokofatswa ka mollo le sebabole pontsheng ya mangeloi a halalelang, le pontsheng ya Konyana.
Mme e mong le e mong ya sa kang a fumanwa a ngotswe bukeng ya bophelo, a akgelwa letsheng la mollo.
Empa ba boi, le ba sa lumeleng, le ba manyala, le babolai, le lihlola, le baloi, le barapeli ba litšoantšo, le bohle ba leshano, kabelo ea bona e tla ba letšeng le tukang mollo le sebabole: e leng lefu la bobeli.