Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 21:8 - Baasraak Sotho NT

8 Empa ba boi, le ba sa lumeleng, le ba manyala, le babolai, le lihlola, le baloi, le barapeli ba litšoantšo, le bohle ba leshano, kabelo ea bona e tla ba letšeng le tukang mollo le sebabole: e leng lefu la bobeli.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Empa ha e le ba boi, le ba sa dumelang, le ba manyala, le babolai, le bafebi, le baloi, le ba rapelang medimo, le mahata kaofela, kabelo ya bona e ka letsheng le tukileng hampe la mollo le sebabole: hona ke lefu la bobedi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Empa ha e le makwala, le ba sa tshepahaleng, le ba etsang tse manyala, le babolai, le difebe, le baloi, le ba kgumamelang medimo ya bohata, le bohle ba buang leshano, kabelo ya bona ke letsha le tukang mollo wa sebabole, ke hore lefu la bobedi.”

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Empa ba boi, le ba sa lumeleng, le ba manyala, le babolai, le lihlola, le baloi, le barapeli ba litšoantšo, le bohle ba leshano, kabelo ea bona e tla ba letšeng le tukang mollo le sebabole: e leng lefu la bobeli.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 21:8
39 Referencias Cruzadas  

Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, empa ba sa kgone ho bolaya moya, le mpe le tshabe ya nang le matla a ho timetsa moya le mmele diheleng.


Ka tshoha, ka ya, ka pata talenta ya hao mobung; bona, o na le ya hao.


A re ho bona: Lona ba tumelo e nyenyane, le tshohile keng? Yaba o a tsoha, a kgalemela meya le lewatle; mme ha eba le kgutso e kgolo.


moo seboko sa bona se sa shoeng, le mollo o sa timeng.


Lona le ba ntata lona Diabolose, mme le rata ho etsa ditakatso tsa ntata lona. E ne e le mmolai ho tloha tshimolohong, mme ha a a ka a ema nneteng, hobane nnete ha e yo ho yena. Ha a bua leshano, o ipuella tsa hae, hobane ke ya leshano, mme ke ntata wona.


yena eo ho tla ha hae ho leng ka tshebetsong ya Satane, ka matla wohle, le ka dipontsho, le meeka ya leshano;


Ba bua leshano ka boikaketsi; ba matsoalo a bona a chesitsoeng ka tšepe e chesang;


Ba bolela hore ba tseba Modimo; empa ba mo latola ka mesebetsi, e le ba manyala, ba hanang ho utlwa, le mesebetsing yohle e molemo, ba sa amohelwe.


Le ho Jesu, mmuelli wa selekane se setjha, le mading a ho fafatsa, a bolelang tse molemo ho fetisa tsa Abele.


Lenyalo le ke le hlomphehe ho bohle, le diphate di hloke ditshila; empa Modimo o tla ahlola dihlola le bafebi.


Moaki ke mang haese ya latolang hore Jesu ke Kreste? Ke antikreste, ya latolang Ntate le Mora.


E mong le e mong ya hloileng ngwanabo ke mmolai, mme le a tseba hore ha ho mmolai ya nang le bophelo bo sa feleng bo dutseng ho yena.


Ya dumelang ho Mora wa Modimo o na le bopaki ka ho yena; hobane ha a ka a dumela bopaki boo Modimo a faneng ka bona ka Mora wa hae.


Eo o tla noa veine ea khalefo ea Molimo, e tšetsoeng ntle le motsoako ka senoelong sa khalefo ea hae; mme o tla hlokofatswa ka mollo le sebabole pontsheng ya mangeloi a halalelang, le pontsheng ya Konyana.


Sebata sa tshwarwa, hammoho le moporofeta wa bohata, ya entseng mehlolo pela sona, eo ka yona a kgelositseng ba amohetseng letshwao la sebata, le ba kgumamelang setshwantsho sa sona. Bao ka bobedi ba akgelwa ba ntse ba phela letsheng la mollo o tukang sebabole.


Ya nang le tsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke; Ya hlolang a ke ke a etswa hampe ke lefu la bobedi.


Ke tseba mesebetsi ya hao, le mokgathala wa hao, le mamello ya hao, le kamoo o sitwang ho mamella ba babe;


Ho ke ke ha kena teng letho le ditshila, leha e le mang le mang ya etsang manyala, le leshano, haese ba ngodilweng bukeng ya bophelo ya Konyana.


Ka ntle ho na le dintja, le baloi, le dihlola, le babolai, le ba rapelang medimo ya bohata, le mang kapa mang ya ratang leshano le a le etsang.


Yaba ke bona dipere ponong, le ba e palameng, ba e-na le diiphemelo tsa sefuba tsa mollo, le tsa jacinthe, le sebabole; mme melomong ya tsona ho ne ho tswa mollo le mosi le sebabole.


ha ba a ka ba bakela dipolao tsa bona, leha e le boloi, le bohlola ba bona, leha e le boshodu ba bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos