Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Tshenolo 21:7 - Baasraak Sotho NT

7 Ya hlolang o tla rua tsohle; mme ke tla ba Modimo wa hae, yena e be mora wa ka.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ya hlolang o tla ja lefa la ntho tsohle, mme ke tla ba Modimo wa hae, yena e be mora wa ka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Ya hlolang e tla ba mojalefa wa tsena; ke tla ba Modimo wa hae, mme yena e be mora wa ka.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Ya hlolang o tla rua tsohle; mme ke tla ba Modimo wa hae, yena e be mora wa ka.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 21:7
26 Referencias Cruzadas  

Mme e mong le e mong ya tlohetseng matlo, kapa banababo, kapa dikgaitsedi, kapa ntatae, kapa mmae, kapa bana, kapa masimo, ka baka la lebitso la ka, o tla fuwa halekgolo, mme o tla rua bophelo bo sa feleng.


Mong wa hae a re ho yena: O entse hantle, mohlanka ya molemo, ya kgabane!


Ke moo Morena a tla re ho ba ka letsohong la hae le letona: Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le rue mmuso oo le o lokiseditsweng haesale lefatshe le thewa.


Yare ha a tswela tseleng, e mong a matha, a kgumama pela hae, a mmotsa, a re: Moruti ya molemo, ke etse eng hore ke rue bophelo bo sa feleng?


Hobane bohle ba tataisoang ke Moea oa Molimo, ke bana ba Molimo.


Hobane dibopuwa di lebeletse ka tjheseho ho bona ponahatso ya bana ba Modimo.


Tempele ya Modimo e na le tumellano efe le ditshwantsho? hobane le tempele ya Modimo o phelang; jwalokaha Modimo o itse: Ke tla aha hara bona, ke tsamaye hara bona; mme ke tla ba Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Ke tla ba Ntata lona, lona le be bara ba ka le baradi ba ka, ho rialo Morena ya matla wohle.


Hobane sena ke selekane seo ke tla se etsa le ntlo ya Iseraele kamora ditshiu tseo, ho bolela Jehova; Ke tla kenya melao ea ka likelellong tsa bona, ke e ngole lipelong tsa bona, ’me ke tla ba Molimo oa bona, ’me e tla ba sechaba sa ka.


le se ke la busetsa bobe ka bobe, le mahlapa ka nyefolo; le ntse le tseba hobane le bileditswe hona, hore le tle le rue lehlohonolo.


Ya nang le tsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke; Ya hlolang a ke ke a etswa hampe ke lefu la bobedi.


Ya nang le tsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke; Ya hlolang ke tla mo fa ho ja manna a patilweng, mme ke tla mo fa lejwe le lesweu, mme lejweng leo ho ngotswe lebitso le letjha, le sa tsejweng ke motho, haese ya le amohelang.


Empa seo le nang le sona le se kgomaretse ho fihlela ke fihla.


Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke; Ya hlolang ke tla mo fa ho ja sefate sa bophelo, se kahara paradeise ya Modimo.


Yaba ke utlwa lentswe le leholo le tswang lehodimong, le re: Bonang, tabernakele ya Modimo e hara batho;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos