Mme morena wa hae a halefa, a mo neela bahlorisi, ho fihlela a lefa molato wa hae kaofela.
Mattheu 18:35 - Baasraak Sotho NT Le Ntate ya mahodimong o tla le etsa jwalo, ha le sa tshwarele e mong le e mong ngwanabo ditlolo tsa hae ka dipelo tsa lona. Sesotho 1909/1961 (SO) Le tla etswa jwalo ke Ntate ya mahodimong, ha e mong le e mong wa lona a sa tshwarele ngwanabo ditlolo ka pelo ya hae yohle. BIBELE “Le Ntate ya mahodimong o tla le etsa jwalo, ha le sa tshwarelane bohle ka pelo tsa lona tsohle.” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le Ntate ya mahodimong o tla le etsa jwalo, ha le sa tshwarele e mong le e mong ngwanabo ditlolo tsa hae ka dipelo tsa lona. |
Mme morena wa hae a halefa, a mo neela bahlorisi, ho fihlela a lefa molato wa hae kaofela.
Mme o re tshwarele melato ya rona, jwalokaha le rona re tshwarela ba nang le melato ho rona.
Ha le eme le rapela, ha le ena le mang kapa mang, le mo tshwarele, hore le Ntata lona ya mahodimong a le tshwarele ditlolo tsa lona.
Empa ha le sa tshwarele, Ntata lona ya mahodimong le yena a ke ke a le tshwarela ditlolo tsa lona.
A re ho bona: Ke lona ba ipeileng ba lokileng pela batho; empa Modimo o tseba dipelo tsa lona;
Hobane ya sa kang a etsa mohau o tla ahlolwa ka ho hloka mohau; mme mohau o ipela ka kahlolo.
Empa ekare ha le ena le mohono o babang, le kgang ka dipelong tsa lona, le se ke la ithorisa, mme le se ke la bua leshano le hanyetsa nnete.
Atamelang ho Modimo, mme o tla le atamela. Hlwekisang matsoho a lona, lona baetsadibe; mme le hlwekise dipelo tsa lona, lona ba dipelo tse pedi.
Bana ba hae ke tla ba bolaya ka lefu; mme dikereke tsohle di tla tseba hobane ke nna ya lekolang matheka le dipelo, mme ke tla nea e mong le e mong wa lona ho ya ka mesebetsi ya hae.