Mohlanka ka yena a itihela maotong a hae, a mo rapela, a re: Ako mphe pelo, mme ke tla o lefa kaofela.
Mattheu 18:26 - Baasraak Sotho NT Mohlanka a itihela fatshe, a mo kgumamela, a re: ’Morena, ako nne o mphe pelo, mme ke tla o lefa kaofela. Sesotho 1909/1961 (SO) Empa mohlanka eo a kgumama pela hae, a mo rapela, a re: Morena, o ke o nthekolohele, mme ke tla o lefela hohle. BIBELE “Empa mohlanka a itihela maotong a hae, a re: ‘Nkgauhele, ke tla o lefa tsohle.’ Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mohlanka a itihela fatshe, a mo kgumamela, a re: ’Morena, ako nne o mphe pelo, mme ke tla o lefa kaofela. |
Mohlanka ka yena a itihela maotong a hae, a mo rapela, a re: Ako mphe pelo, mme ke tla o lefa kaofela.
Eitse ha ba kena ka tlung, ba bona ngwana le mmae Maria, mme ba itihela fatshe, ba mo kgumamela; khauta, le libano, le myra.
Simone a araba, a re: Ke lekanya hore ke eo a mo tshwaretseng boholo. A re ho yena: O ahlotse hantle.
Hobane, kahobane ba ne ba sa tsebe ho loka ha Modimo, mme ba ne ba batla ho tiisa ho loka ha bona, ha ba a ka ba ikokobeletsa ho loka ha Modimo.