Mattheu 18:11 - Baasraak Sotho NT Hobane Mora motho o tlile ho pholosa se timetseng. Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane Mora motho o tlile ho pholosa ho timetseng. BIBELE Mora Motho o tlile ho pholosa se neng se lahlehile. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane Mora motho o tlile ho pholosa se timetseng. |
Empa a araba, a re: Ha ke a romelwa, haese dinkung tse lahlehileng tsa ntlo ya Iseraele.
Le nahana jwang? Ekare ha motho a e-na le linku tse lekholo, ’me e ’ngoe ea tsona e kheloha, a ke ke a tlohela tse mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong, a ea lithabeng, a batla e khelohileng?
Eitse ha Jesu a utlwa, a re ho bona: Ba phelang hantle ha ba hloke ngaka, empa e batlwa ke ba kulang.
Hobane mora enwa wa ka o ne a shwele, mme o boetse o a phela; o ne a lahlehile, mme o fumanwe. Mme ba qala ho thaba.
Ho ne ho loketse hore re thabe, mme re thabe, hobane ngwaneno enwa o ne a shwele, mme o boetse o a phela; mme o ne a lahlehile, mme o fumanwe.
Hobane Mora motho ha a a tla ho timetsa meya ya batho, empa e le ho e pholosa. Mme ba ya motseng o mong.
Hobane Modimo ha o a ka wa romela Mora wa wona lefatsheng ho ahlola lefatshe; empa hore lefatshe le bolokehe ka yena.
Polelo ena ke ya nnete, mme e lokelwa ke kamohelo yohle ya hore Kreste Jesu o tlile lefatsheng ho pholosa baetsadibe; bao ke leng hlooho ya bona.