Ho tloha mohlang oo, Jesu a qala ho hlalosetsa barutuwa ba hae hore e ka kgona a ye Jerusalema, mme a hlokofatswe haholo ke baholo le baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao, mme a bolawe, mme a tsohe ka letsatsi la boraro.
Mattheu 17:23 - Baasraak Sotho NT Ba tla mmolaya, mme ka letsatsi la boraro o tla tsoha. Mme ba swaba haholo. Sesotho 1909/1961 (SO) Ba tla mmolaya, empa o tla tsoha ka tsatsi la boraro. Yaba barutuwa ba swaba haholo. BIBELE mme ba tla mmolaya, empa o tla tsoha bafung ka tsatsi la boraro.” Yaba ba swaba haholo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba tla mmolaya, mme ka letsatsi la boraro o tla tsoha. Mme ba swaba haholo. |
Ho tloha mohlang oo, Jesu a qala ho hlalosetsa barutuwa ba hae hore e ka kgona a ye Jerusalema, mme a hlokofatswe haholo ke baholo le baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao, mme a bolawe, mme a tsohe ka letsatsi la boraro.
Eitse ha ba theoha thabeng, Jesu a ba laela, a re: Le se ke la bolella motho pono eo, Mora Motho a eso ho tsohe bafung.
Ba tla nehelana ka yena ho baditjhaba hore ba mo some, le ho shapuwa, le ho mo thakgisa, mme ka letsatsi la boraro o tla tsoha.
Ba re: “Monghadi, re a hopola hore mothetsi eo, ha a sa ntse a phela, o ile a re: ’Ka mora matsatsi a mararo ke tla tsoha.
A qala ho ba ruta hore Mora motho o tshwanetse ho hlokofatswa haholo, a lahlwe ke baholo, le ke baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, a bolawe, mme kamora matsatsi a mararo a tsohe bafung.
Jesu a araba, a re ho bona: Qhaqhang tempele ena, mme ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo.