Mattheu 16:28 - Baasraak Sotho NT Kannete ke re ho lona: Ba bang ba teng ho ba emeng mona ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone Mora motho a etla mmusong wa hae. Sesotho 1909/1961 (SO) Kannete ke re ho lona: Ba bang ba teng ho ba emeng mona ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone Mora motho a etla mmusong wa hae. BIBELE Ruri ke a le bolella: Ho na le ba bang hara ba emeng mona ba ke keng ba tseba lefu ho fihlela ba bona Mora Motho a etla ka Mmuso wa hae.” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Kannete ke re ho lona: Ba bang ba teng ho ba emeng mona ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone Mora motho a etla mmusong wa hae. |
Jesu ha a fihla naheng ya Sesarea wa Filipi, a botsa barutuwa ba hae, a re: Batho ba re Mora motho ke mang?
Eitse ha a dutse thabeng ya Mehlwaare, barutuwa ba hae ba tla ho yena boinotshing, ba re: Re bolelle, tseo di tla etsahala neng? mme pontsho e tla ba efe ya ho tla ha hao, le ya ho fela ha lefatshe?
Jesu a re ho yena: Diphokojwe di na le mesima, le dinonyana tsa lehodimo di na le dihlaha; empa Mora motho ha a na moo a ka samelang hlooho teng.
Mang kapa mang ya tla hlajwa ke dihlong ka nna le ka dipolelo tsa ka molokong ona o mofebi, o moetsadibe. Mora motho le yena o tla hlajwa ke dihlong ka yena, mohla a tlang ka kganya ya Ntatae a ena le mangeloi a halalelang.
A re ho bona: Kannete ke re ho lona: Ho na le ba bang ho ba emeng mona, ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone mmuso wa Modimo o etla ka matla.
Ke a le bolella hore o tla phakisa a ba phetele. Leha ho le jwalo, mohla Mora motho a tlang, na o tla fumana tumelo lefatsheng?
Mme a senolelwa ke Moya o Halalelang, hore a ke ke a bona lefu, a eso ho bone Kreste wa Morena.
Empa kannete ke a le bolella, ho na le ba bang ba emeng mona, ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone mmuso wa Modimo.
Jesu a re ho yena: Ha ke rata hore a dule ke be ke tle, e ka ba eng ho wena? ntatele wena.
Kannetenete ke re ho lona: Ekare ha motho a boloka lentswe la ka, a ke ke a bona lefu le ka mohla o le mong.
Bajuda ba re ho yena: Jwale, re a tseba hobane o na le modemona. Abrahama o shoele, le baprofeta; mme wena wa re: Ekare ha motho a boloka lentswe la ka, a ke ke a utlwa lefu le ka mohla o le mong.
Ba re: Banna ba Galelea, le emetseng le lelaletse lehodimong? Jesu enoa ea nketsoeng leholimong ho tsoa ho lōna, o tla tla ka mokhoa oo le mo boneng a ea leholimong ka oona.
Empa e mong le e mong ka nako ya hae: Kreste ke yena thakangwaha; morago ga moo ba e leng ba ga Keresete mo go tleng ga gagwe.
le ho lebella Mora wa hae ho tswa lehodimong, eo a mo tsositseng bafung, e leng Jesu, ya re lopolotseng bohaleng bo tlang ho tla.
Empa re bona Jesu, ya ileng a bewa katlase ho mangeloi hanyenyane, ka baka la ho hlokofatswa ha lefu, a rwetse moqhaka wa kganya le hlompho; hore ka mohau wa Modimo a latswe lefu bakeng sa motho e mong le e mong.
Ka baka leo, bana beso, le se ke la fela pelo, ho fihlela ho tleng ha Morena. Bonang, molemi o letetse tholwana ya bohlokwa ya lefatshe, mme o fela a e mamella ho fihlela e fumana pula ya pele le ya hwetla.
Hobane ha re a le tsebisa matla le ho tla ha Morena wa rona Jesu Kreste, ha re a ka ra latela ditshomo tse qapilweng ka mano, empa re bile dipaki tse boneng ka mahlo tsa boholo ba hae.
Mme jwale, bana ba banyenyane, le nne ho yena; e le hore, mohla a hlahang, re be le tshepo, mme re se ke ra hlajwa ke dihlong pela hae, ho tleng ha hae.