Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jakobo 5:7 - Baasraak Sotho NT

7 Ka baka leo, bana beso, le se ke la fela pelo, ho fihlela ho tleng ha Morena. Bonang, molemi o letetse tholwana ya bohlokwa ya lefatshe, mme o fela a e mamella ho fihlela e fumana pula ya pele le ya hwetla.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Empa haele lona, banabeso, le lebelle ka sebete, Morena a be a fihle. Bonang, molemi ha a ntse a lebeletse dijo tsa bohlokwa tsa lefatshe, o di lebella ka sebete, a be a fuwe pula ya tsheola le ya hwetla.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Bana beso, mamellang ho fihlela Morena a kgutla. Bonang kamoo molemi a emelang ho fumana kotulo e ntle tshimong ya hae kateng. O lebella ka mamello ho fihlela ho ena pula ya selemo le ya hwetla.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Ka baka leo, bana beso, le se ke la fela pelo, ho fihlela ho tleng ha Morena. Bonang, molemi o letetse tholwana ya bohlokwa ya lefatshe, mme o fela a e mamella ho fihlela e fumana pula ya pele le ya hwetla.

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 5:7
32 Referencias Cruzadas  

Hobane Mora motho o tla tla ka kganya ya Ntatae le mangeloi a hae; mme mohlang oo, o tla nea e mong le e mong ka tekanyo ya diketso tsa hae.


Kannete ke re ho lona: Ba bang ba teng ho ba emeng mona ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone Mora motho a etla mmusong wa hae.


Hobane jwaloka lehadima le tswang botjhabela, mme le benyetsa bophirimela; ho tla ha Mora motho ho tla ba jwalo.


Ka baka leo, le lona le itokise, hobane Mora motho o tla tla ka nako eo le sa e nahaneng.


Ke a le bolella hore o tla phakisa a ba phetele. Leha ho le jwalo, mohla Mora motho a tlang, na o tla fumana tumelo lefatsheng?


Jwale ba tla bona Mora motho a etla ka leru ka matla le kganya e kgolo.


Empa e mobung o motle, ke ba utlwileng lentswe ka pelo e ntle le e molemo, ba le boloka, mme ba beha ditholwana ka mamello.


Jesu a re ho yena: Ha ke rata hore a dule ke be ke tle, e ka ba eng ho wena? ntatele wena.


Jwale lentswe leo la phatlalla hara baena, la hore morutuwa eo ha a ka ke a shwa. empa ha ke rata hore a dule ke be ke tle, e ka ba eng ho wena?


Hobane tsohle tse ngodilweng pele, di ngotswe ho re ruta, hore ka mamello le ka tshediso ya Mangolo re tle re be le tshepo.


Ba ba batlang kgalalelo le tlotlo le bosasweng ka bopelotelele mo go direng molemo;


E le hore le se ke la hloloheloa neo leha e le efe; re lebeletse ho tla ha Morena wa rona Jesu Kreste.


Hobane rona ka Moya re lebeletse tshepo ya ho loka ka tumelo.


A re se keng ra kgathala ho etsa hantle;


le matlafaditswe ka matla wohle, ho ya ka matla a kganya ya wona, le tle le be le tiisetso yohle le mamello ka thabo;


Ke sa phetse ho hopola mesebetsi ya lona ya tumelo, le mosebetsi wa lerato, le mamello ya lona ya tshepo ho Morena wa rona Jesu Kreste, mahlong a Modimo Ntata rona.


Hobane tshepo ya rona ke eng, kapa thabo ya rona, kapa moqhaka oo re ithorisang ka wona? Na hase lona le lona pela sefahleho sa Morena wa rona Jesu Kreste ho tleng ha hae na?


A tle a tiise dipelo tsa lona, le hloke sekodi kgalalelong, pela Modimo, Ntata rona, mohla Morena wa rona Jesu Kreste a tlang le bahalaleli bohle ba hae.


Jwale, eitse hobane a mamelle, a fumana pallo.


Bana beso, le se ke la buana hampe. Ya rohakang ngwanabo, mme a ahlola ngwanabo, o bolela molao hampe, mme o ahlola molao;


Bana beso, nkang mohlala wa baporofeta ba neng ba bua ka lebitso la Morena, e be mohlala wa mahlomola le wa mamello.


Gauta ya lona le silefera ya lona di tjhele; mafome a tsona e tla ba bopaki khahlanong le lōna, ’me a tla ja nama ea lōna joalokaha eka ke mollo. Le bokeletse matlotlo matsatsing a ho qetela.


ba re: E kae pallo ya ho tla ha hae? gonne e sa le ka borraetsho ba robala, dilo tsotlhe di sa ntse di ntse fela jaaka di ne di ntse mo tshimologong ya tlholego.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos