Mattheu 16:1 - Baasraak Sotho NT Bafarisi le Basadusi ba tla ho yena, mme ba mo leka, ba kopa hore a ba etsetse pontsho e tswang lehodimong. Sesotho 1909/1961 (SO) Bafarisi le Basadusi ba tla, ba leka Jesu ka ho kopa hore a ba etsetse pontsho e tswang lehodimong. BIBELE Bafarisi le Basaduke ba tla ho Jesu, mme ka ho mo leka ba kopa hore a ke a ba bontshe sesupo se tswang lehodimong. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Bafarisi le Basadusi ba tla ho yena, mme ba mo leka, ba kopa hore a ba etsetse pontsho e tswang lehodimong. |
Bafarisi le bona ba tla ho yena, ba mo leka, ba re ho yena: Hleka monna o dumeletswe ho hlala mosadi wa hae ka baka la ntho e nngwe le e nngwe na?
Ka la hosasane, e leng letsatsi le hlahlamang la tlhophiso, baprista ba baholo le Bafarisi ba phuthehela ho Pilato.
Hobane ke re ho lona: Ho loka ha lona ha ho sa fete ho ba bangodi le ba Bafarisi, le ke ke la kena mmusong wa mahodimo le ka mohla o le mong.
Bafarisi, ha ba bona hoo, ba re ho barutuwa ba hae: Ke ka baka lang moruti wa lona a jang le balekgetho le baetsadibe?
Bafarisi ba tla ho yena, ba mmotsa, ba re: Hleka monna o dumeletswe ho hlala mosadi wa hae na? ho mo leka.
Na re fane, kapa re se ke ra fana? Empa yena, ka ho tseba boikaketsi ba bona, a re ho bona: Le ntekelang? Ntlisetseng denari, ke tle ke e bone.
Jwale, ramolao e mong a ema, a mo leka, a re: Moruti, ke tla etsa eng hore ke rue bophelo bo sa feleng?
Ba bua jwalo, ho mo leka, hore ba tle ba be le seo ba ka mo qosang ka sona. Empa Jesu a inama, a ngola fatshe ka monwana, jwaloka hoja a sa ba utlwe.
Eitse ha ba ntse ba bua le setjhaba, baprista le molaodi wa tempele le Basadusi ba tla ho bona.
Jwale, moprista e moholo, le bohle ba nang le yena, e leng ba lekga la Basadusi, ba ema, ba tlala kgalefo.