Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 16:1 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Bafarisi le Basadusi ba tla ho yena, mme ba mo leka, ba kopa hore a ba etsetse pontsho e tswang lehodimong.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Bafarisi le Basadusi ba tla, ba leka Jesu ka ho kopa hore a ba etsetse pontsho e tswang lehodimong.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Bafarisi le Basaduke ba tla ho Jesu, mme ka ho mo leka ba kopa hore a ke a ba bontshe sesupo se tswang lehodimong.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Bafarisi le Basadusi ba tla ho yena, mme ba mo leka, ba kopa hore a ba etsetse pontsho e tswang lehodimong.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 16:1
33 Referencias Cruzadas  

Yaba Bafarisi ba tswela ntle, ba rera ho mo timetsa.


Jwale, bangodi le Bafarisi ba tla ho Jesu ba etswa Jerusalema, ba re:


Jesu a re ho bona: Iponeleng, le tshabe ditomoso tsa Bafarisi le tsa Basadusi.


Bafarisi le bona ba tla ho yena, ba mo leka, ba re ho yena: Hleka monna o dumeletswe ho hlala mosadi wa hae ka baka la ntho e nngwe le e nngwe na?


Jwale, Bafarisi ba ya, ba rera kamoo ba ka mo tshwasang kateng ka puo ya hae.


Empa Jesu a lemoha bokgopo ba bona, a re: Baikaketsi le ntekelang?


Ka tsatsi leo Basadusi ba tla ho yena, ba reng ha ho tsoho, ba mmotsa, ba re:


A re: Bangodi le Bafarisi ba dutse setulong sa Moshe.


Ka la hosasane, e leng letsatsi le hlahlamang la tlhophiso, baprista ba baholo le Bafarisi ba phuthehela ho Pilato.


Hobane ke re ho lona: Ho loka ha lona ha ho sa fete ho ba bangodi le ba Bafarisi, le ke ke la kena mmusong wa mahodimo le ka mohla o le mong.


Bafarisi, ha ba bona hoo, ba re ho barutuwa ba hae: Ke ka baka lang moruti wa lona a jang le balekgetho le baetsadibe?


Bafarisi ba tla ho yena, ba mmotsa, ba re: Hleka monna o dumeletswe ho hlala mosadi wa hae na? ho mo leka.


Na re fane, kapa re se ke ra fana? Empa yena, ka ho tseba boikaketsi ba bona, a re ho bona: Le ntekelang? Ntlisetseng denari, ke tle ke e bone.


Jwale Basadusi ba tla ho yena, ba reng ha ho tsoho; mme ba mmotsa, ba re.


Jwale, ramolao e mong a ema, a mo leka, a re: Moruti, ke tla etsa eng hore ke rue bophelo bo sa feleng?


Ba bang ba mo leka, ba batla ho yena pontsho e tswang lehodimong.


Empa a lemoha mano a bona, a re ho bona: Le ntekelang?


Jwale, ha tla ho yena Basadusi ba bang, ba latolang tsoho ya bafu; mme ba mmotsa.


Ba bua jwalo, ho mo leka, hore ba tle ba be le seo ba ka mo qosang ka sona. Empa Jesu a inama, a ngola fatshe ka monwana, jwaloka hoja a sa ba utlwe.


Eitse ha ba ntse ba bua le setjhaba, baprista le molaodi wa tempele le Basadusi ba tla ho bona.


Jwale, moprista e moholo, le bohle ba nang le yena, e leng ba lekga la Basadusi, ba ema, ba tlala kgalefo.


Hobane Bajuda ba batla pontsho, mme Bagerike ba batla bohlale;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos