Jwalokaha Jonase a bile ka mpeng ya leruarua matsatsi a mararo le masiu a mararo; Mora motho o tla ba matleng a lefatshe ka matsatsi a mararo le masiu a mararo.
Mattheu 15:32 - Baasraak Sotho NT Jesu a biletsa barutuwa ba hae ho yena, a re: “Ke utlwela batho bana bohloko, hobane e se e le matsatsi a mararo ba dutse le nna, mme ha ba na letho leo ba ka le jang; Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Jesu o bitsa barutuwa ba hae, a re: Ke utlwela bongata boo bohloko, hobane matsatsi a se a le mararo ba dutse ho nna, mme ha ba na letho leo ba le jang; ke sitwa ho ba kgutlisa le tlala, esere mohlomong ba ka kgathala tseleng. BIBELE Jesu a bitsa barutuwa ba hae, a re ho bona: “Ke utlwela batho bana bohloko, kahobane ba bile le nna matsatsi a mararo, mme ha ba na letho leo ba ka le jang. Ha ke lakatse ho ba qhala ba eso je, esere mohlomong ba fellwa ke matla tseleng.” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a biletsa barutuwa ba hae ho yena, a re: “Ke utlwela batho bana bohloko, hobane e se e le matsatsi a mararo ba dutse le nna, mme ha ba na letho leo ba ka le jang; |
Jwalokaha Jonase a bile ka mpeng ya leruarua matsatsi a mararo le masiu a mararo; Mora motho o tla ba matleng a lefatshe ka matsatsi a mararo le masiu a mararo.
Barutuwa ba hae ba re ho yena: Re ka nka kae mahobe a kaalo feelleng, a ka kgorisang letshwele le kalo?
Jesu a ba utlwela bohloko, a ama mahlo a bona, mme mahlo a bona a phakisa a bona, mme ba mo latela.
Ba re: “Monghadi, re a hopola hore mothetsi eo, ha a sa ntse a phela, o ile a re: ’Ka mora matsatsi a mararo ke tla tsoha.
Eitse ha a bona matshwele, a a utlwela bohloko, hobane ba ne ba kgathetse, ba qhalane jwaloka dinku tse se nang modisa.
Eitse ha bo esa, Pauluse a ba kopa bohle hore ba je, a re: Kajeno ke letsatsi la leshome le metso e mene le ntse le letile, le ntse le itima dijo, le sa je letho.
Hobane moprista e moholo eo re nang le yena, hase ya ke keng a re utlwela bohloko mefokolong ya rona; empa ya lekilweng nthong tsohle jwaloka rona, empa a se na sebe.