Mattheu 15:27 - Baasraak Sotho NT Yena a re: Ke nnete, Morena, leha ho le jwalo dintja di ja makumane a wang tafoleng ya beng ba tsona. Sesotho 1909/1961 (SO) Mosadi a re: E, Morena; empa le tsona dintjanyana di ye di thole makumane a wang tafoleng ya beng ba tsona. BIBELE Mosadi a re: “Ke nnete, Morena, empa le tsona dintja di ja makumane a wang tafoleng ya monga tsona.” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yena a re: Ke nnete, Morena, leha ho le jwalo dintja di ja makumane a wang tafoleng ya beng ba tsona. |
Jesu a araba, a re ho yena: Mosadi, tumelo ya hao e kgolo; Mme moradi wa hae a fola ho tloha ka yona nako eo.
Le tle le be bana ba Ntata lona ya mahodimong, hobane o chabisetsa ba babe le ba molemo letsatsi la hae, mme o nesetsa ba lokileng le ba sa lokang pula.
Molaodi wa lekgolo a araba, a re: Morena, ha ke a tshwanela hore o kene tlasa marulelo a ka;
A araba, a re ho yena: E, Morena, leha ho le jwalo dintjanyana tse tlasa tafole di ja makumane a bana.
Mme a ne a lakatsa ho kgora makumane a wang tafoleng ya morui, ho feta moo, dintja tsa tla, tsa nyeka diso tsa hae.
Mme molekgetho a ema hojana, a ba a hana, le mahlo a hae a lelaletsa lehodimong, a mpa a ikotla sefuba, a re: Modimo, ako nkgauhele, nna ke leng moetsadibe!
Jwale re a tseba hore tsohle tseo Molao o di bolelang, o di bolella ba tlasa Molao, hore melomo yohle e thijwe, mme lefatshe lohle le be molato pela Modimo.
Ho se be Modimo! jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: O tle o bewe ya lokileng dipolelong tsa hao, mme o tle o hlole ha o ahlolwa.
Le ho tseba lerato la Kreste, le fetang tsebo, le tle le tlale botlalo bohle ba Modimo.
Nna, ke le e monyenyane ho e monyenyane ho bahalaledi bohle, ke neilwe mohau ona, hore ke bolele hara baditjhaba monono o ke keng wa batlisiswa wa Kreste;