Mattheu 15:19 - Baasraak Sotho NT Hobane pelong ho tswa mehopolo e mebe, le dipolao, le bofebe, le bohlola, le boshodu, le bopaki ba leshano, le dinyefolo. Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane mehopolo e mebe, dipolao, dipoko, mafebe, dikutso, diketselletso, le dinyefolo, di tswa pelong; BIBELE hobane pelong ho tswa mehopolo e kgopo: polao ya sehloho, bofebe, bohlola, boshodu, bopaki ba leshano le diketseletso. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane pelong ho tswa mehopolo e mebe, le dipolao, le bofebe, le bohlola, le boshodu, le bopaki ba leshano, le dinyefolo. |
Empa nna ke re ho lona: E mong le e mong ya tadimang mosadi ho mo lakatsa, o se a mo febile pelong ya hae.
Ka baka leo, bakela bokgopo bona, mme o rapele Modimo, hore mohlomong o ka tshwarelwa mohopolo wa pelo ya hao.
Hobane ke a tseba hoba ho nna, ke ho re, nameng ya ka, ha ho dule ntho e molemo; empa ho etsa se molemo ha ke ho fumane.