E mong le e mong ya buang lentswe le nyefolang Mora motho, o tla tshwarelwa, empa e mong le e mong ya buang kgahlanong le Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa, leha e le lefatsheng lena, leha e le le tlang ho tla.
Mattheu 13:22 - Baasraak Sotho NT Ya jetsweng meutlweng, ke ya utlwang lentswe; mme dipelaelo tsa lefatshe lena, le thetso ya maruo, di bipetsa lentswe, mme le fetoha le sa beheng. Sesotho 1909/1961 (SO) Haele ya e amohetseng hara meutlwa, ke ya utlwang lentswe; empa ho belaella dintho tsa lefatshe lena, le ho thetsa ha lefumo, ho pupetsa lentswe, mme le nyope. BIBELE Peo e jetsweng meutlweng ke ya utlwang lentswe, feela dikgathatso tsa mehla ya jwale le thetso ya maruo di bipetsa lentswe, le nyope. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ya jetsweng meutlweng, ke ya utlwang lentswe; mme dipelaelo tsa lefatshe lena, le thetso ya maruo, di bipetsa lentswe, mme le fetoha le sa beheng. |
E mong le e mong ya buang lentswe le nyefolang Mora motho, o tla tshwarelwa, empa e mong le e mong ya buang kgahlanong le Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa, leha e le lefatsheng lena, leha e le le tlang ho tla.
Mmaba yo o e jadileng ke Diabolo; thobo ke bofelo jwa lefatshe; mme bakotuli ke mangeloi.
Jwaloka ha mofoka o bokellwa, o tjheswa mollong; ho tla ba jwalo qetellong ya lefatshe lena.
Le itlhokomele, esere mohlomong dipelo tsa lona tsa imelwa ke ho ja ho jewa, le ke botahwa, le dipelaelo tsa bophelo bona, mme letsatsi leo la le wela le sa lebella.
E oeleng hara meutlwa, ke bao ereng ha ba utlwile, ba ye, mme ba bipetswe ke matshwenyeho le maruo le menyaka ya bophelo bona, mme ba bipetswe, mme ba sa be le phetheho.
Yare Simone ha a bona hore Moya o Halalelang o newa ka peo ya matsoho a baapostola, a ba tlisetsa tjhelete.
Le se ke la ipapisa le lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ntjhafatso ya dikelello tsa lona, le tle le lemohe seo e leng thato ya Modimo e molemo, e kgahlisang, e phethehileng.
Ea bohlale o kae? Mongodi o kae? mophekisi wa lefatshe lena o kae? A Modimo ga o a dira botlhale jwa lefatshe leno boeleele?
Empa re bolela bohlale hara ba phethehileng, empa e seng bohlale ba lefatshe lena, leha e le ba marena a lefatshe lena a fediswang.
Seo ho seng le ya mong wa babusi ba lefatshe lena a se tsebang; hobane hojane ba se tsebile, ba ka be ba sa ka ba thakgisa Morena wa kganya.
Ho se be motho ya ithetsang. Ekare ha e mong hara lona a ipona a le bohlale lefatsheng lena, a e be lewatla, hore a tle a hlalefe.
E leng bao modimo wa lefatshe lena o foufaditseng dikelello tsa ba sa dumelang, hore lesedi la Evangeli ya kganya ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo, le se ke la ba kganyetsa.
ya ikgafileng ka baka la dibe tsa rona, hore a tle a re lopolle lefatsheng lena le kgopo, ho ya ka thato ya Modimo Ntata rona.
Ke tseo le neng le itsamaela ho tsona mehleng e fetileng, ka mokgwa wa lefatshe lena, ho ya ka morena wa matla a sebaka, moya o sebetsang jwale baneng ba ho se mamele.
Laela ba ruileng tsa lefatshe lena hore ba se ke ba ikgohomosa, ba se ke ba tshepa letlotlo le sa tsitsang, ba mpe ba tshepe Modimo o re fang dintho tsohle ka bongata hore re di thabele.
Hobane Demase o ntahlile, ka ho rata lefatshe la jwale, mme o ile Thesalonika; Keresense o ea Galatia, Tite o ea Dalmatia.