Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 13:21 - Baasraak Sotho NT

21 Leha ho le jwalo, ha a na metso ka ho yena, empa o hlola ka nakwana, mme etlare ha mahlomola le hloriso di hlaha ka baka la lentswe, o a kgoptjwa hanghang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 a mpa a se na motso ka ho yena, empa e le wa motsotso o se okae feela; ereha tshwenyeho le hloriso di hlaha ka baka la lentswe, a phakise a kgoptjwe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 empa ha a na metso ka ho yena, ke motho ya mamellang ka nakwana, mme ha ho hlaha matshwenyeho kapa ditlhoriso ka baka la Lentswe la Modimo, o phakisa ho kweneha.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Leha ho le jwalo, ha a na metso ka ho yena, empa o hlola ka nakwana, mme etlare ha mahlomola le hloriso di hlaha ka baka la lentswe, o a kgoptjwa hanghang.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 13:21
47 Referencias Cruzadas  

Le tla hlouwa ke batho bohle ka baka la lebitso la ka; empa ya tiisetsang ho isa qetellong, ke yena ya tla bolokeha.


Mme ho lehlohonolo ya sa kgoptjweng ke nna.


Empa ya jetsweng majweng, ke yena ya utlwang lentswe, mme hang a le amohela ka thabo;


Mme ba kgoptjwa ke yena. Empa Jesu a re ho bona: Moporofeta ha a hloke hlompho, haese naheng ya habo, le tlung ya hae.


Yare ha letsatsi le tjhaba, tsa tjhesa; mme kahobane di ne di se na metso, tsa omella.


Empa ya tiisetsang ho isa bofelong, ke yena ya tla bolokeha.


Yaba Jesu o re ho bona: Lona bohle le tla kgoptjwa ka baka la ka bosiung bona, hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ke tla otla modisa, mme dinku tsa mohlape di tla qhalana.


Petrose a araba, a re ho yena: Leha bohle ba ka kgoptjwa ka baka la hao, nna nke ke ka kgoptjwa le ka mohla o le mong.


Empa ha ba na motso ka ho bona, ba ntse ba mamella ka nako e itseng feela;


Ba lefikeng ke bao ereng ha ba utlwa, ba amohele lentswe ka thabo; mme bana ha ba na motso, ba dumelang ka nakwana, mme mohla moleko ba wa.


Jesu a ba araba, a re: “Kannetenete ke re ho lona: Le mpatla, e seng kahobane le bone mehlolo, empa e le kahobane le jele mahobe, la kgora.


Ba ba batlang kgalalelo le tlotlo le bosasweng ka bopelotelele mo go direng molemo;


Hobane ho Kreste Jesu ho bolla kapa ho se bolle ha ho thuse letho; empa tumelo e sebetsang ka lerato.


Bohle ba ratang ho kgahlisa ka nama, ke bona ba le qobellang ho bolla; feela ba tle ba se ke ba hlorisetsoa sefapano sa Kreste.


Hobane ho Kreste Jesu ho bolla kapa ho se bolle ha ho thuse letho, empa e le sebopuwa se setjha.


Kreste a tle a dule ka dipelong tsa lona ka tumelo; hore le metse ka metso, le theohe leratong;


Ke ntse ke kgodisehile hore ya qadileng mosebetsi o motle ho lona o tla o phetha ho fihlela letsatsi la Kreste Jesu.


O a tseba hore bohle ba Asia ba mphuraletse; bao ho bona e leng Figelo le Hermogene.


Hobane Demase o ntahlile, ka ho rata lefatshe la jwale, mme o ile Thesalonika; Keresense o ea Galatia, Tite o ea Dalmatia.


Hobane bohle re kgopisa bohle. Haeba leha e le mang a sa khoptjoe puong, eo ke monna ea phethahetseng, ea khonang ho laola le ’mele oohle ka tōmo.


Lona ba le boloketsweng ka matla a Modimo ka tumelo ho isa polokong e lokiseditsweng ho senolwa nakong ya bofelo.


Ke tseba mesebetsi ya hao, le moo o ahileng teng, e leng moo terone ya Satane e leng teng; mme o tiiseditse lebitso la ka, mme ha o a ka wa latola tumelo ya ka, mehleng eo Antipase e neng e le paki ya ka e tshepehang, ya ileng a bolawa hara lona, moo Satane a ahileng teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos