Mattheu 12:40 - Baasraak Sotho NT Jwalokaha Jonase a bile ka mpeng ya leruarua matsatsi a mararo le masiu a mararo; Mora motho o tla ba matleng a lefatshe ka matsatsi a mararo le masiu a mararo. Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane jwaloka Jonase ha a bile matsatsi a mararo le masiu a mararo ka mpeng ya hlapi e kgolo, Mora motho le yena o tla ba maleng a lefatshe matsatsi a mararo le masiu a mararo. BIBELE Jwalokaha Jonase a bile ka mpeng ya leruarua matsatsi a mararo le masiu a mararo, ka mokgwa o jwalo Mora Motho o tla ba ka mpeng ya lefatshe matsatsi a mararo le masiu a mararo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwalokaha Jonase a bile ka mpeng ya leruarua matsatsi a mararo le masiu a mararo; Mora motho o tla ba matleng a lefatshe ka matsatsi a mararo le masiu a mararo. |
Ho tloha mohlang oo, Jesu a qala ho hlalosetsa barutuwa ba hae hore e ka kgona a ye Jerusalema, mme a hlokofatswe haholo ke baholo le baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao, mme a bolawe, mme a tsohe ka letsatsi la boraro.
ba re: Wena ya heletsang tempele, mme o e hahe ka matsatsi a mararo, ipholose! Ha o le Mora wa Modimo, theoha sefapanong.
Ha a yo mona, hobane o tsohile, jwalokaha a ne a boletse. Tloong, le bone nqalo eo Jehova a neng a robetse ho yona.
Jesu a re ho yena: Diphokojwe di na le mesima, le dinonyana tsa lehodimo di na le dihlaha; empa Mora motho ha a na moo a ka samelang hlooho teng.
Jesu a araba, a re ho bona: Qhaqhang tempele ena, mme ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo.