Mattheu 12:18 - Baasraak Sotho NT Bona mohlanka wa ka, eo ke mo kgethileng; moratuwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena; Sesotho 1909/1961 (SO) Bonang mohlanka wa ka eo ke ikgethetseng yena, moratuwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena; ke tla bea Moya wa ka hodima hae, mme o tla bolella ditjhaba ho loka. BIBELE “Bonang, mohlanka wa ka eo, ke mo kgethileng ke eo, moratuwa wa ka ya nkgahlang! Ke theoletse Moya wa ka hodima hae, o tla tlisetsa ditjhaba toka. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Bona mohlanka wa ka, eo ke mo kgethileng; moratuwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena; |
A re a sa bua, bonang, leru le kganyang la ba kgurumetsa, mme ha utlwahala lentswe le tswang lerung, la re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena; mo utlweng.
Jwale lentswe le tswang lehodimong la re: “O Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.
Jwale leru la eba teng, la ba kgurumetsa, mme lentswe la tswa lerung, la re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang;
Mme batho ba ema ba tadimile. Babusi le bona ba mo soma, ba re: O pholositse ba bang; a ipholose, haeba e le Kreste, mokgethwa wa Modimo.
Mme Moya o Halalelang wa theohela hodima hae ka sebopeho sa mmele o kang wa leeba, mme lentswe la tswa lehodimong, la re: “O Mora wa ka ya ratwang; ke kgahlwa ke wena.
Moya wa Morena o hodima ka, hobane o ntlotseditse ho bolella mafutsana Evangeli; o nthomile ho fodisa ba robehileng dipelo, ho bolella ba holehilweng tokoloho, le difofu hore di boele di bone, le ho lokolla ba hateletsweng.
Ka moo Modimo o tlotsitseng Jesu wa Nasaretha ka Moya o Halalelang le ka matla, ya neng a potoloha a ntse a etsa hantle, a fodisa bohle ba hateletsweng ke Diabolosi; hobane Modimo o ne a ena le yena.
Eitse ha ba utlwa taba tseo, ba kgutsa, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: Jwale, Modimo o neile le baditjhaba pako e isang bophelong.
Ha ba fihla, ba phutha kereke, ba bolela tsohle tseo Modimo o di entseng ka bona, le kamoo o buletseng baditjhaba monyako wa tumelo kateng.
Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, le Timothea, ngwanabo rona,
Ho tla ho yena, jwalokaha ho tlile lejwe le phelang, le lahlilweng ke batho, empa le kgethilweng ke Modimo, la bohlokwa.
Hobane o amohetse hlompho le kganya ho Modimo Ntatae, mohla lentswe le utlwahalang ho yena le etswa kganyeng e fetisisang, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.