Mattheu 12:12 - Baasraak Sotho NT Ha ho le jwalo, motho o fetisa nku hakakang? Ka baka leo, ho dumeletswe ho etsa hantle ka matsatsi a Sabatha. Sesotho 1909/1961 (SO) Athe motho o fetisa nku hakakang ka boholo! Ka baka leo, ho loketse ho etsa hantle ka Sabatha. BIBELE Ha ho le jwalo, motho o feta nku hakaakang ka bohlokwa! Ka baka leo, ho a dumelleha ho etsa ho molemo ka Sabatha.” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ha ho le jwalo, motho o fetisa nku hakakang? Ka baka leo, ho dumeletswe ho etsa hantle ka matsatsi a Sabatha. |
Bonang dinonyana tsa lehodimo, hobane ha di jale, ha di kotule, ha di bokelle melikong; leha ho le jwalo Ntata lona ya mahodimong o a di fepa. Na lona ha le di fetise ka letho?
A re ho bona: Hleka ho dumeletswe ho etsa botle ka Sabatha, kapa ho etsa bobe na? Ho pholosa bophelo, kapa ho bolaya? Empa ba kgutsa.
Le nahane ka makgwaba, hobane ha a jale leha e le ho kotula; tse se nang ntlo ya polokelo, leha e le mediko; mme Modimo o a di fepa: lona le fetisa dinonyana hakakang?
Eitse ha a kena tlung ya e mong wa ba baholo ba Bafarisi ka tsatsi la Sabatha, ho ya ja bohobe, batho ba mo disa.
Jesu a re ho bona: Ke tla le botsa taba e le nngwe; Na ho lumelletsoe ho etsa hantle kapa ho etsa bobe ka sabatha? ho pholosa bophelo, kapa ho bo timetsa?