Folisang ba kulang, le tsose bafu, le ntlafatse balepera, le leleke batemona; le amohetse feela, le fane feela.
Mattheu 10:7 - Baasraak Sotho NT Ha le ntse le tsamaya, le bolele, le re: ’Mmuso wa mahodimo o atametse. Sesotho 1909/1961 (SO) Ha le ntse le tsamaya, le bolele, le re: Mmuso wa mahodimo o atametse. BIBELE Le ye, le ntse le phatlalatsa, le re: ‘Mmuso wa mahodimo o atametse.’ Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ha le ntse le tsamaya, le bolele, le re: ’Mmuso wa mahodimo o atametse. |
Folisang ba kulang, le tsose bafu, le ntlafatse balepera, le leleke batemona; le amohetse feela, le fane feela.
Eitse hobane Jesu a qete ho laela barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a tloha teng ho ya ruta le ho bolela Evangeli metseng ya bona.
Ke ofe ho ba babedi bao ya entseng thato ya ntatae? Ba re ho yena: Wa pele. Jesu a re ho bona: Kannete ke re ho lona: balekgetho le diotswa ba le etella pele ho kena mmusong wa Modimo.
Ka baka leo, ke re ho lona: Le tla amohuwa mmuso wa Modimo, o newe setjhaba se tla bea ditholwana tsa wona.
Empa ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le kwalla batho mmuso wa mahodimo;
Ho tloha mohlang oo Jesu a qala ho bolela, a re: Bakang, hobane mmuso wa mahodimo o atametse.
Yena a tla ho Jesu bosiu, a re ho yena: Rabbi, re a tseba hobane o moruti ya tswang ho Modimo;
Yare ha Petrose a kena, Kornele a mo kgahlanyetsa, a itihela maotong a hae, a mo kgumamela.
A bolela tsa mmuso wa Modimo, a ruta tsa Morena Jesu Kreste ka tshepo yohle, ho se ya mo thibelang.