Mattheu 10:5 - Baasraak Sotho NT Bao ba leshome le metso e mmedi bao Jesu a ba roma, a ba laela, a re: Le se ke la ya ka tsela ya baditjhaba, mme le se ke la kena motseng ofe kapa ofe wa Basamaria. Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a roma ba leshome le metso e mmedi bao, a ba laela, a re: Le se ke la ya ho baditjhaba, mme le se ke la kena motseng ofe kapa ofe wa Basamaria; BIBELE Jesu a roma bao ba leshome le metso e mmedi, a ba laela, a re: “Le se ke la ya dinaheng tsa bahedene, leha e le ho kena metseng ya Basamaria; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Bao ba leshome le metso e mmedi bao Jesu a ba roma, a ba laela, a re: Le se ke la ya ka tsela ya baditjhaba, mme le se ke la kena motseng ofe kapa ofe wa Basamaria. |
Lefatshe la Sabulone, le lefatshe la Nefthalime, le pela lewatle, mose wane wa Jordane, Galilea wa Baditjhaba;
Yaba o bitsa ba leshome le metso e mmedi, a qala ho ba roma ka bobedi le bobedi; a ba nea matla hodima meya e ditshila;
Kamora tseo, Morena a bea ba bang ba mashome a supileng, mme a ba roma ka bobedi, hore ba mo etelle pele metseng yohle le nqalong tsohle moo yena a neng a tla ya teng.
Empa Mosamaria e mong ya neng a eta, a fihla moo a neng a le teng, mme ha a mmona, a mo utlwela bohloko.
Yaba o bokella barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a ba nea matla le borena hodima batemona bohle, le ho fodisa malwetse.
Bontata rona ba ne ba rapela thabeng ena; mme le re, Jerusalema ke nqalo eo batho ba tshwanetseng ho kgumamela teng.
Yaba o fihla motseng wa Samaria, o bitswang Sikare, haufi le tshimo eo Jakobo a e neileng mora wa hae Josefa.
Jwale mosadi wa Mosamaria a re ho yena: “Ho jwang ha wena o le Mojuda o kopa metsi ho nna, ke le mosadi wa Mosamaria? hobane Bajuda ha ba kopane le Basamaria.
Yaba Bajuda ba botsana, ba re: Eo o tla ya kae, moo re ke keng ra mo fumana? Na o tla ea ho ba qhalaneng har’a Balichaba, ’me a rute Balichaba?
Bajuda ba araba, ba re ho yena: Na ha re bue hantle, ha re re, o Mosamaria, mme o na le modemona?
Empa le tla amohela matla, Moya o Halalelang o tle ho lona, mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le Judea yohle, le Samaria, le ho isa pheletsong ya lefatshe.
Badumedi ba lebollo, ba tlileng le Petrose, ba makala, kahobane neo ya Moya o Halalelang e ne e tshetswe le hodima baditjhaba.
Mme Saule o ne a dumellana le lefu la hae. Mehleng eo ha hloriswa haholo kereke e Jerusalema; mme ba qhalanngwa bohle dinaheng tsa Judea le Samaria, haese baapostola feela.
ba re hanela ho bua le baditjhaba e le hore ba tle ba bolokehe, e le hore ba tlatse dibe tsa bona kamehla;