Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 10:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Jesu a roma ba leshome le metso e mmedi bao, a ba laela, a re: Le se ke la ya ho baditjhaba, mme le se ke la kena motseng ofe kapa ofe wa Basamaria;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Jesu a roma bao ba leshome le metso e mmedi, a ba laela, a re: “Le se ke la ya dinaheng tsa bahedene, leha e le ho kena metseng ya Basamaria;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Bao ba leshome le metso e mmedi bao Jesu a ba roma, a ba laela, a re: Le se ke la ya ka tsela ya baditjhaba, mme le se ke la kena motseng ofe kapa ofe wa Basamaria.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Bao ba leshome le metso e mmedi bao Jesu a ba roma, a ba laela, a re: Le se ke la ya ka tsela ya baditjhaba, mme le se ke la kena motseng ofe kapa ofe wa Basamaria.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 10:5
27 Referencias Cruzadas  

A roma bahlanka ba hae ho bitsa ba neng ba memetswe bohadi; empa ba hana ho tla.


Lefatshe la Sabulone le lefatshe la Nefthali, tseleng ya lewatle, mose wa Jordane, Galelea wa ditjhaba,


Yaba o bitsa ba leshome le metso e mmedi, a qala ho ba roma ka bobedi; a ba fa matla a ho hlola meya e ditshila;


Kamora taba tseo, Morena a boela a bea ba bang ba mashome a supileng, mme a ba roma ka bobedi, hore ba mo etelle pele metseng yohle, le nqalong tsohle moo yena a neng a tla ya teng.


Empa Mosamaria e mong, wa moeti, ha a etla moo a leng teng, yare ha a mmona, a mo utlwela bohloko.


mme a itihela maotong a Jesu ka sefahleho, a mo leboha. Athe eo e ne e le Mosamaria.


Jesu a bokella barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a ba fa matla le borena ho hlola batemona bohle, le ho fodisa malwetse.


A ba roma ho bolela mmuso wa Modimo, le ho fodisa ba kulang;


Jwalokaha o nthomile lefatsheng, le nna ke ba romile lefatsheng.


Jesu a boela a re ho bona: Kgotso e be le lona! Jwalokaha Ntate a nthomile, le nna ke le roma jwalo.


Bontata rona ba ne ba rapela thabeng eo; mme lona le re, nqalo eo ho tshwanetsweng ho rapelwa teng, e Jerusalema.


Yaba o fihla motseng wa Samaria, o bitswang Sikare, haufi le naha eo Jakobo a neng a e nee Josefa, mora wa hae.


Mosadi eo wa Samaria a re ho yena: Ere o le Mojuda, o qela jwang metsi ho nna, ke le mosadi wa Samaria? Athe Bajuda ha ba kopane le Basamaria.


Yaba Bajuda ba botsana, ba re: Eo o tla ya kae, moo re ke keng ra mo fumana teng. Na o tla ya ho ba farasitseng hara Bagerike, a rute Bagerike na?


Yaba Bajuda ba araba, ba re ho yena: Na ha re bue hantle, ha re re: O Mosamaria, mme o na le motemona na?


Empa le tla fuwa matla mohla Moya o Halalelang o tlang ho lona, mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le naheng yohle ya Judea, le ya Samaria, le ho isa pheletsong ya lefatshe.


Badumedi bao e leng ba lebollo, ba tlileng le Petrose, ba ba ba makala, ha ba bona neo ya Moya o Halalelang e tshollelwa le baditjhaba.


Haele Saule, o na be a dumetse polao ya Setefane. Mehleng eo, kereke ya hlahelwa ke hloriso e kgolo; ba qhalanyetswa bohle mafatsheng a Judea le a Samaria, ha sala baapostola ba nnotshi.


Ba re hanela ho bua le baditjhaba, hore ba tle ba bolokehe, ba ntse ba tlatsa jwalo kamehla tekanyo ya dibe tsa bona. Mme bohale ba Modimo bo ba thootheletswe ka ho phetheha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos