Le tla isoa pela babusisi le marena ka baka la ka, hore e be bopaki ho bona le ho Baditjhaba.
Mattheu 10:19 - Baasraak Sotho NT Empa etlare ha ba nehelana ka lona, le se ke la tshwenyeha hore na le tla bua jwang kapa eng, hobane seo le tla se bua le tla se newa ka yona nako eo. Sesotho 1909/1961 (SO) Empa mohla ba le neelang bona, le se ke la belaella mokgwa oo le tla bua ka wona, le seo le tla se bolela; hobane seo le tla se bolela, le tla se newa nakong yona eo. BIBELE Ha ba neelana ka lona, le se ke la itshwenya ka hore na le tla bua jwang, le reng. Ka yona nako eo le tla newa hore na le reng, Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa etlare ha ba nehelana ka lona, le se ke la tshwenyeha hore na le tla bua jwang kapa eng, hobane seo le tla se bua le tla se newa ka yona nako eo. |
Le tla isoa pela babusisi le marena ka baka la ka, hore e be bopaki ho bona le ho Baditjhaba.
Ka baka leo, ke re ho lona: Le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla ja eng, kapa le tla nwa eng; leha e le bakeng sa mmele ya lona, seo le tla se apara. Na bophelo ha bo fete dijo, le mmele ho feta diaparo na?
Ka baka leo, le se ke la belaela, la re: Re tla ja’ng? kapa, Re tla noa’ng? kapa: Re tla apara’ng?
Etlare ha ba le isa disynagogeng, le ho babusi, le ho balaodi, le se ke la belaela hore na le tla araba jwang, kapa eng kapa eng, kapa seo le tla se bua.
Le se ke la itshwenya ka letho; empa nthong tsohle tseo le di hlokang le di tsebise Modimo ka thapelo le kopo e nang le teboho.
Leha ho le jwalo, Morena o ile a ema le nna, mme a mpha matla; e le hore ka ’na molaetsa o ka tsebahatsoa ka botlalo, le hore lichaba tsohle li utloe: ’me ka lopolloa molomong oa tau.
Ekare ha e mong wa lona a hloka bohlale, a a kope ho Modimo, o fang bohle ka bolokolohi, o sa nyatse; mme o tla e newa.