Mattheu 1:21 - Baasraak Sotho NT Ha a tsoala mora, o tla tla pele ho lebitso la Jesu, hobane o tla be a le kapele, a tla kapele ho eena. Sesotho 1909/1961 (SO) O tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu; hobane ke yena ya tla pholosa setjhaba sa hae dibeng tsa sona. BIBELE o tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu, hobane o tla pholosa setjhaba sa hae dibeng tsa sona.” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ha a tsoala mora, o tla tla pele ho lebitso la Jesu, hobane o tla be a le kapele, a tla kapele ho eena. |
Empa lengeloi la re ho yena: Se tshabe, Sakaria, hobane thapelo ya hao e utloilwe; mme mosadi wa hao Elisabetha o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Johanne.
Eitse hobane ho fete matsatsi a robileng meno e le mmedi a ho bolotswa ha ngwana, a rewa lebitso la Jesu, leo a le bitsitseng ke lengeloi, a eso ho emolwe.
Ka la hosasane a bona Jesu a etla ho yena, a re: Bonang, Konyana ya Modimo e tlosang sebe sa lefatshe!
Lelokong la monna eo, ka pallo ya wona, Modimo o hlahiseditse Iseraele Mopholosi, e leng Jesu.
Modimo o tsositse Mora wa wona Jesu ho lona pele, o mo romile ho lona pele, ho le hlohonolofatsa, ka ho fetola e mong le e mong wa lona makgopong a hae.
Mme ha ho poloko ho e mong, hobane ha ho lebitso le leng tlasa lehodimo le neilweng batho, leo re ka bolokehang ka lona.
Yena eo Modimo o mo phahamisitse ka letsoho la wona le letona, hore e be Mmusi le Mopholosi, ya neang Iseraele pako le tshwarelo ya dibe.
Ya ineetseng bakeng sa rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a itlhwekisetse setjhaba seo e leng sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e molemo.
Ka baka leo, o na le matla a ho pholosa ka ho fetisisa ba atamelang Modimo ka yena, kahobane o phela ka mehla ho ba rapella.
Empa ha re tsamaya leseding, jwalokaha wona o le leseding, re na le kopano hammoho, mme madi a Jesu Kreste, Mora wa hae, a re hlatswa sebeng sohle.
Mme le a tseba hore yena o ile a bonahatswa hore a tlose dibe tsa rona; mme ho yena ha ho sebe.
Ka re ho yena: Morena, ke wena o tsebang. A re ho nna: Bana ke ba tswang mahlomoleng a maholo, mme ba hlatswitse diaparo tsa bona tse telele, ba di sweufatsa mading a Konyana.