Le bahlabani ba mmotsa, ba re: Mme rona re etse jwang? A re ho bona: Le se ke la tuba motho, leha e le ho qosa motho; mme le kgotsofale ke moputso wa lona.
BaFilipi 4:11 - Baasraak Sotho NT Eseng hore ke bua ka ho hloka, hobane ke ithutile ho kgotsofala maemong afe kapa afe ao ke leng ho ona. Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ke bolele ka baka la ho hloka; hobane ke ithutile ho kgolwa ditabeng dife le dife tseo ke leng ho tsona. BIBELE Ha ke rialo ka baka la ho hloka, hobane ke ithutile ho kgotsofalla boemo boo ke leng ho bona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eseng hore ke bua ka ho hloka, hobane ke ithutile ho kgotsofala maemong afe kapa afe ao ke leng ho ona. |
Le bahlabani ba mmotsa, ba re: Mme rona re etse jwang? A re ho bona: Le se ke la tuba motho, leha e le ho qosa motho; mme le kgotsofale ke moputso wa lona.
Ka kgathala le bohloko, ke fadimehile hangata, ka tlala le lenyora, ka ho itima dijo hangata, ka serame le ho hlobola.
re le ba hlomohileng, empa re ntse re thabile; re le ba futsanehileng, empa re ruisa ba bangata; jwaloka hoja re se na letho, athe re ruile dintho tsohle.
Hobane le tseba mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste, hore, leha a ne a ruile, o ile a futsaneha ka baka la lona, hore lona ka bofuma ba hae le tle le rue.
Mme Modimo o na le matla a ho le atisetsa mohau wohle; le tle le be le ho lekaneng ka mehla nthong tsohle, le atele mesebetsing yohle e molemo;
Ee, ke mpa ke lekanya dintho tsohle e le tahlehelo ka baka la boholo ba tsebo ya Jesu Kreste, Morena wa ka, eo ke lahlehetsweng ke tsohle ka baka la hae, mme ke di nka e le manyala, hore ke tle ke hape Kreste.
Hobane le ile la nkutlwela bohloko ditlamong tsa ka, mme la amohela ka thabo ho tlatlapuwa ha thepa ya lona, le ntse le tseba hore le na le maruo a molemo le a sa feleng lehodimong.