Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaFilipi 4:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ha ke bolele ka baka la ho hloka; hobane ke ithutile ho kgolwa ditabeng dife le dife tseo ke leng ho tsona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Ha ke rialo ka baka la ho hloka, hobane ke ithutile ho kgotsofalla boemo boo ke leng ho bona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Eseng hore ke bua ka ho hloka, hobane ke ithutile ho kgotsofala maemong afe kapa afe ao ke leng ho ona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Eseng hore ke bua ka ho hloka, hobane ke ithutile ho kgotsofala maemong afe kapa afe ao ke leng ho ona.

Ver Capítulo Copiar




BaFilipi 4:11
13 Referencias Cruzadas  

Jakobo a ana kano, a re: Ha Modimo o ka ba le nna, wa mpoloka leetong lena leo ke le tsamayang; ha o ka nna wa mpha bohobe ke tle ke je, le diaparo ke tle ke apare;


Moshe a rata ho aha ha monna eo, mme a mo nyadisa Sefora, moradi wa hae.


Masole le wona a mmotsa, a re: Le rona, re tla etsa eng? A re ho wona: Le se ke la etsa motho ka matla, leha e le ka thetso; hape le kgolwe ke moputso wa lona.


Ka ba ditsietsing le bothateng, ka hloka boroko hangata, ka lapa, ka nyorwa, ka itima dijo hangata, ka hatsela, ka senyehelwa ke dikobo.


jwaloka hoja re hlomohile, athe re thabile kamehla; jwaloka hoja re a fumaneha, athe re ruisa ba bangata; jwaloka hoja ha re na letho, athe re ruile ntho tsohle.


Hobane le tseba mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste, hoba, leha a ne a enne, o ne a iketse mofumanehi ka baka la lona, le tle le ene ka bofumanehi ba hae.


Mme Modimo o na le matla a ho le atisetsa neo e nngwe le e nngwe ya mohau, le tle le be le ho le lekanang kamehla nthong tsohle, mme le atelwe ke tseo le tlang ho etsa mesebetsi yohle e molemo ka tsona;


Ke fela ke lekanya hoba ntho tsohle ke tshenyehelo, ha di ka bapiswa le boholo ba ho tseba Jesu Kreste, Morena wa ka, eo ke lahlileng tsohle ka baka la hae, mme ke di etsa dithole, ke tle ke rue Kreste;


Hobane le kile la hlomohela ba ditlamong, mme le dumetse ka thabo ha ntho tsa lona di tlatlapuwa, la itsebela hobane le na le moruo o fetisang, o sa tloheng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos