Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, empa ba sa kgone ho bolaya moya, le mpe le tshabe ya nang le matla a ho timetsa moya le mmele diheleng.
BaFilipi 1:28 - Baasraak Sotho NT Le se ke la tshoha bahanyetsi ba lona ka letho; hoo e leng pontsho ya tshenyeho ho bona, empa ho lona e tla ba pontsho ya poloko, e tswang ho Modimo. Sesotho 1909/1961 (SO) le hona le sa tshohe leha e le tabeng e le nngwe ka baka la bahanyetsi. Bora boo, ho bona ke pontsho ya tshenyeho, empa ho lona ke ya poloko; mme hoo ho tswa ho Modimo. BIBELE Le se ke la tshoswa ke bahanyetsi le ka mohla. Ho bao hona e tla ba pontsho ya hore ba tla timela, mme lona le pholohe, ebile e le ka thato ya Modimo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le se ke la tshoha bahanyetsi ba lona ka letho; hoo e leng pontsho ya tshenyeho ho bona, empa ho lona e tla ba pontsho ya poloko, e tswang ho Modimo. |
Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, empa ba sa kgone ho bolaya moya, le mpe le tshabe ya nang le matla a ho timetsa moya le mmele diheleng.
Etlare hobane a fihle, o tla kgalemela lefatshe ka tsa sebe, le tsa ho loka, le tsa kahlolo;
Mme ha re le bana, ke majalefa; majalefa a Modimo, majalefa mmoho le Kreste; ha ekaba re utlwa bohloko le yena, re tle re tlotliswe le yena.
Empa leha re ne re utlwile bohloko pele, le ho hlabiswa dihlong, jwalokaha le tseba, ha re le Filipi, re ile ra ba sebete ka Modimo wa rona ho le bolella Evangeli ya Modimo ka ntwa e kgolo.
E le hore re ka bua ka sebete, re: Morena ke mothusi wa ka, nke ke ka tshoha seo motho a tla nketsa sona.
O se ka wa boifa dilo tse o tla di bogang; bonang, Diabolo o tla latlhela bangwe ba lona mo ntlong ya kgolegelo gore lo lekwe; mme le tla ba le matshwenyeho ka matsatsi a leshome: o tshepahale ho isa lefung, mme ke tla o nea moqhaka wa bophelo.