Baefese 3:3 - Baasraak Sotho NT Hobane o ile a ntsebisa sephiri ka tshenolo; (joalokaha ke ngotse pejana ka mantsoe a seng makae), Sesotho 1909/1961 (SO) Sephiri seo ke se tsebisitswe ka tshenolo, jwalokaha ke sa tswa le ngolla ka mantswe a se makae; BIBELE le kamoo, ka ho senolelwa, ke tsebisitsweng sephiri sa hae kateng, jwalokaha ke se ke ngotse hakgutshwanyane. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane o ile a ntsebisa sephiri ka tshenolo; (joalokaha ke ngotse pejana ka mantsoe a seng makae), |
Mme ha tsoha mohoo o moholo, mme bangodi bao e neng e le ba Bafarisi ba ema, ba tsekisana, ba re: “Ha re fumane letho le lebe ho motho enwa; empa ha moya kapa lengeloi le buile le yena, re se ke ra lwantsha Modimo.
Bana beso, ha ke rate hore le hloke tsebo ya sephiri sena, esere la ipona le le ba bohlale; hore bofofu bo hlahetse Iseraele ka nqa e nngwe, ho fihlela botlalo ba Baditjhaba bo kena.
Jwale, ho yena ya nang le matla a ho le tiisa Evangeling ya ka, le ka thero ya Jesu Kreste, ka tshenolo ya sephiri se neng se patilwe ho tloha mehleng ya boholoholo.
Hobane ha ke a ka ka e amohela ho motho, leha e le ho e rutwa ke motho, empa e le ka tshenolo ya Jesu Kreste.
Modimo wa Morena wa rona Jesu Kreste, Ntata rona ya kganya, o ka le nea moya wa bohlale le wa tshenolo tsebong ya hae.
hore baditjhaba e tle e be majalefa hammoho le mmele o le mong, le ba nang le kabelo pallong ya hae ka Kreste ka Evangeli.
le ho tsebisa batho bohle kamano ya sephiri seo ho tloha tshimolohong ya lefatshe le neng le patilwe ho Modimo o hlodileng dintho tsohle ka Jesu Kreste.
le bakeng sa ka ke tle ke newe polelo, ke tle ke ahlamise molomo wa ka ka sebete, ke tle ke tsebise sephiri sa Evangeli;
E le hore lipelo tsa bona li tšelisehe, ba kopanngoe hammoho leratong, le leruong lohle la kholiseho e tletseng ea kutloisiso, le tsebong ea sephiri sa Molimo, le sa Ntate, le sa Kreste;
Le re rapelele, hore Modimo o re bulele monyako wa polelo, ho bolela sephiri sa Kreste, seo le nna ke leng ditlamong ka baka la sona.
Ke a le rapela, banabeso, hore le mamelle lentswe la kgothatso, hobane ke le ngoletse ka bokgutshwanyane.
Ka Silvanase, ngwaneso ya tshepahalang, kamoo ke nahanang kateng, ke le ngoletse hakgutshwane, ke le kgothatsa, ke paka hore ona ke mohau wa nnete wa Modimo oo le emeng ho wona.
Mme le tseye bopelotelele jwa Morena wa rona e le poloko; jwalokaha le yena Pauluse, ngwanabo rona ya ratwang, a le ngoletse ho ya ka bohlale boo a bo neilweng;