Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 3:2 - Baasraak Sotho NT

2 Ekare ha le utlwile tsa ho aba mohau wa Modimo oo ke o neilweng bakeng sa lona;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 ha le fela le utlwile kabelo ya mohau wa Modimo eo ke e neetsweng bakeng sa lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Ke a tshepa, le utlwile kamoo Modimo a nneileng tshebetso ya mohau eo ke e etsetsang lona kateng,

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Ekare ha le utlwile tsa ho aba mohau wa Modimo oo ke o neilweng bakeng sa lona;

Ver Capítulo Copiar




Baefese 3:2
27 Referencias Cruzadas  

Yare ha ba ntse ba sebeletsa Morena, mme ba itima dijo, Moya o Halalelang wa re: Nkgetheleng Barnabase le Saule bakeng sa mosebetsi oo ke ba bileditseng wona.


Yaba Pauluse le Barnabase ba bua ka sebete, ba re: Ho ne ho loketse hore lentswe la Modimo le bolelloe lona pele;


A re ho nna: Tloha, hobane ke tla o romela ho baditjhaba hole.


Empa Morena a re ho yena: “Tsamaya, hobane yena ke sejana se kgethilweng ho nna, sa ho jara lebitso la ka pela baditjhaba, le ho marena, le ho bana ba Iseraele.


Ke yena eo re amohetseng mohau le boapostola ka yena, hore ditjhaba tsohle di utlwe tumelo ka baka la lebitso la hae.


Hobane ke bua le lona baditjhaba, kahobane ke le moapostola wa baditjhaba, ke tlotlisa mosebetsi wa ka.


Hobane ka mohau oo ke o neilweng, ke bolella e mong le e mong ya leng hara lona hore a se ke a ikgopola ho fetisa kamoo a tshwanetseng ho ikgopola kateng; empa a nahane ka kelello, kamoo Modimo a abetseng e mong le e mong tekanyo ya tumelo kateng.


A motho a re nke re le bahlanka ba Kreste, le balebedi ba diphiri tsa Modimo.


Hobane le utlwile tsa metsamao ya ka mehleng ya Sejuda, kamoo ke neng ke hlorisa kereke ya Modimo ho feta tekanyo, mme ke e ripitla.


e le hore tsamaisong ya nako e tletseng a tle a bokelle nthong tsohle ho Kreste, tse mahodimong le tse lefatsheng; le ka ho yena:


Ke entswe mosebeletsi wa yona, ho ya ka neo ya mohau wa Modimo, oo ke o neilweng ka tshebetso ya matla a wona.


Nna, ke le e monyenyane ho e monyenyane ho bahalaledi bohle, ke neilwe mohau ona, hore ke bolele hara baditjhaba monono o ke keng wa batlisiswa wa Kreste;


le ho tsebisa batho bohle kamano ya sephiri seo ho tloha tshimolohong ya lefatshe le neng le patilwe ho Modimo o hlodileng dintho tsohle ka Jesu Kreste.


Ekare ha le mo utlwile, mme le rutilwe ke yena, jwalokaha nnete e le ho Jesu;


Empa e mong le e mong wa rona o neilwe mohau ka tekanyo ya neo ya Kreste.


Erekaha re utlwile tsa tumelo ya lona ho Kreste Jesu, le lerato leo le nang le lona ho bahalaledi bohle.


tse tlileng ho lona, jwalokaha di ntse di le teng lefatsheng lohle; mme le beha ditholwana, jwalokaha le etsa le ho lona, haesale le utlwahala, la tseba mohau wa Modimo ka nnete;


ho ya ka Evangeli ya kganya ya Modimo o bokwang, eo ke e beetsweng.


Le se ke la ela hloko ditshomo le masika a sa feleng, tse tsosang diqabang, ho ena le kaho ya borapedi e tswang tumelong.


tseo ke kgethetsweng ho ba mmoledi le moapostola wa tsona, ke bolela nnete ka Kreste, ha ke etse leshano, ke le moruti wa baditjhaba tumelong le nneteng.


tseo ke laetsweng ho ba mmoledi wa tsona, le moapostola, le moruti wa baditjhaba.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos