Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 3:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Sephiri seo ke se tsebisitswe ka tshenolo, jwalokaha ke sa tswa le ngolla ka mantswe a se makae;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 le kamoo, ka ho senolelwa, ke tsebisitsweng sephiri sa hae kateng, jwalokaha ke se ke ngotse hakgutshwanyane.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Hobane o ile a ntsebisa sephiri ka tshenolo; (joalokaha ke ngotse pejana ka mantsoe a seng makae),

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Hobane o ile a ntsebisa sephiri ka tshenolo; (joalokaha ke ngotse pejana ka mantsoe a seng makae),

Ver Capítulo Copiar




Baefese 3:3
23 Referencias Cruzadas  

Yare mohla ke kgutletseng Jerusalema, ha ke ntse ke rapela tempeleng, ka hapuwa ke Moya.


Yaba Morena o re ho nna: Tloha, ke tla o romela ditjhabeng hole.


Jwale, ha etswa lerata le leholo. Bangodi ba emelang bafarisi ba ema, ba araba, ba re: Ha re fihlele bobe leha bo le bong ho motho eo; ha ekaba moya o fela o buile le yena, kapa lengeloi, a re se keng ra lwantsha Modimo.


Hobane, banabeso, ha ke rate hore le se ke la tseba sephiri sena, le tle le se ke la ipona le le bohlale: ke ho re, ho thatafala ho hlahetse Baiseraele ka nqa e nngwe, ho tlala ha baditjhaba ho be ho kene.


Jwale, ho ya nang le matla a ho le tiisa Evangeling ya ka, le polelong ya Jesu Kreste, ka tshenolo ya sephiri se neng se kwahetswe mehleng ya boholoholo,


Ke tshwanetse ho ithorisa; empa ha ho nthuse letho. Leha ho le jwalo, ke tla fihlisa mehlolong le ditshenolong tsa Morena.


hobane ha ke a ka ka e amohela ho motho, leha e le ho e rutwa ke motho; empa e bile ka tshenolo ya Jesu Kreste.


hore Modimo wa Morena wa rona Jesu Kreste, Ntate wa kganya, o le nee moya wa bohlale le wa tshenolo tsebong ya wona;


kamoo le ka lemohang kateng, ha le bala teng, kutlwisiso eo ke nang le yona ya sephiri sa Kreste.


e leng hore baditjhaba ke majalefa le Baiseraele, ke mmele o le mong le bona, ba na le kabelo hammoho pallong ho Jesu Kreste, ka Evangeli;


mme ke pepese pela bohle ditaba tsa sephiri seo, se neng se patilwe, mehla ya bohloleho e eso ho qale, ka ho Modimo o hlodileng dintho tsohle;


Le nna le nthapelle, hore ke newe ho bua phatlalatsa, ke tle ke tsebise batho sephiri sa Evangeli,


dipolelo tsa bona di tle di tshediswe, mme ha ba tlamahanngwa hammoho ka lerato, ba fihlele monono wohle wa kelello e tletseng, ba tle ba utlwisise sephiri sa Modimo e leng Kreste,


Le hona, bohle hammoho, le re rapelleng, hore Modimo o re bulele monyako wa lentswe, re tle re bolele sephiri sa Kreste, seo ke leng motlamuwa ka baka le sona;


Ke a le rapela, banabeso, hore le ke le amohele polelo tseo tsa kgothatso; hobane ke le ngoletse hakgutswanyane.


Ke le ngoletse hakgutshwanyane ka Silfane, e leng ngwanabo lona ya tshepehang, ha ke lekanya, ke ntse ke le kgothatsa, mme ke omela hore mohau wa sebele wa Modimo ke wona oo le emeng ho wona.


Mme le lemohe hobane mamello ya Morena wa rona, ke poloko; jwalokaha Pauluse, ngwanabo rona ya ratwang, a le ngoletse le yena, ka bohlale boo a bo neilweng;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos