Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 3:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 kamoo le ka lemohang kateng, ha le bala teng, kutlwisiso eo ke nang le yona ya sephiri sa Kreste.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Ka ho bala seo ke se ngotseng, le tla elellwa kutlwisiso eo ke nang le yona ya sephiri sa Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Ke ka hona etlare ha le bala, le tle le utlwisise tsebo ya ka sephiring sa Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Ke ka hona etlare ha le bala, le tle le utlwisise tsebo ya ka sephiring sa Kreste.

Ver Capítulo Copiar




Baefese 3:4
19 Referencias Cruzadas  

A ba araba, a re: Ke hobane lona le neilwe ho tseba diphiri tsa mmuso wa mahodimo, empa bona ha ba ka ba newa.


A re: Lona, le neilwe ho tseba diphiri tsa muso wa Modimo; ba bang ba mpa ba di utlwa ka ditshwantsho, hore ho boneng ba se ke ba bontshisa, le ho utlweng ba se ke ba utlwisisa.


Hobane, banabeso, ha ke rate hore le se ke la tseba sephiri sena, le tle le se ke la ipona le le bohlale: ke ho re, ho thatafala ho hlahetse Baiseraele ka nqa e nngwe, ho tlala ha baditjhaba ho be ho kene.


Jwale, ho ya nang le matla a ho le tiisa Evangeling ya ka, le polelong ya Jesu Kreste, ka tshenolo ya sephiri se neng se kwahetswe mehleng ya boholoholo,


Mme leha nka ba le neo ya boporofeta, kapa leha nka tseba diphiri tsohle le bohlale bohle, leha nka ba le tumelo yohle, ka ba ka falatsa le dithaba, ha ke se na lerato, ha ke letho.


Ha ho le jwalo, motho ka mong a ke a re tsebe hoba re bahlanka ba Kreste, le diabi tsa diphiri tsa Modimo.


Ekare ha ke le sethoto ka puo, ka tsebo ha ke sona; empa re itsebahaditse hara lona ka nqa tsohle le ka ntho tsohle.


wa re tsebisa sephiri sa thato ya wona ka boithatelo ba wona, kamoo o neng o itherele kateng;


Sephiri seo ke se tsebisitswe ka tshenolo, jwalokaha ke sa tswa le ngolla ka mantswe a se makae;


mme ke pepese pela bohle ditaba tsa sephiri seo, se neng se patilwe, mehla ya bohloleho e eso ho qale, ka ho Modimo o hlodileng dintho tsohle;


Sephiri sena se seholo; empa ke bua ke ntse ke lekanya Kreste le kereke.


Le nna le nthapelle, hore ke newe ho bua phatlalatsa, ke tle ke tsebise batho sephiri sa Evangeli,


e leng sephiri se nnileng sa patwa mehleng yohle le melokong yohle, empa jwale se pepeseditswe bahalaledi ba wona;


dipolelo tsa bona di tle di tshediswe, mme ha ba tlamahanngwa hammoho ka lerato, ba fihlele monono wohle wa kelello e tletseng, ba tle ba utlwisise sephiri sa Modimo e leng Kreste,


Le hona, bohle hammoho, le re rapelleng, hore Modimo o re bulele monyako wa lentswe, re tle re bolele sephiri sa Kreste, seo ke leng motlamuwa ka baka le sona;


Mme ruri sephiri sa borapedi se seholo: o bonahetse nameng, o lokiseditswe ke Moya, o bonwe ke mangeloi, o boletswe hara ditjhaba, o dumetswe lefatsheng, o phahamiseditswe kganyeng.


ba boloke sephiri sa tumelo ka letswalo le hlwekileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos