Eitse hobane a bitse barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a ba nea matla a ho leleka meya e ditshila, le ho fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle.
Mattheu 9:35 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a ya le metse le metsana yohle, a ntse a ruta masinagogeng a bona, a bolela Evangeli ya mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle hara batho. Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a tsamaya, a tjhalakela metse yohle le metsana, a ruta masinagogeng a teng, a bolela Evangeli ya mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle. BIBELE Jesu o ne a eya le metse le metsana yohle, a ntse a ruta matlung a bona a thapelo, a phatlalatsa molaetsa o molemo wa Mmuso, a fodisa mafu le malwetse wohle. Baasraak Sotho NT Jesu a ya le metse le metsana yohle, a ntse a ruta masinagogeng a bona, a bolela Evangeli ya mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle hara batho. |
Eitse hobane a bitse barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a ba nea matla a ho leleka meya e ditshila, le ho fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle.
Eitse hobane Jesu a qete ho laela barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a tloha teng ho ya ruta le ho bolela Evangeli metseng ya bona.
Difofu di a bona, dihlotsa di a tsamaya, balepera ba hlwekiswa, ba thibaneng ditsebe ba utlwa, bafu ba a tsoswa, mme mafutsana a bolellwa Evangeli.
Eitse hobane Johanne a kenngwe teronkong, Jesu a tla Galelea, a ntse a bolela Evangeli ya mmuso wa Modimo;
Hohle moo a neng a kena teng, metsaneng, kapa metseng, leha e le masimong, ba bea ba kulang diterateng, ba mo kopa hore ba ame feela mophetho wa seaparo sa hae; mme bohle ba mo amang ba fola.
Ka moo Modimo o tlotsitseng Jesu wa Nasaretha ka Moya o Halalelang le ka matla, ya neng a potoloha a ntse a etsa hantle, a fodisa bohle ba hateletsweng ke Diabolosi; hobane Modimo o ne a ena le yena.
Lōna banna ba Iseraele, utloang mantsoe ana; Jesu wa Nasaretha, monna ya hlatsetsweng ke Modimo hara lona ka mehlolo, le meeka, le mehlolo, eo Modimo o e entseng ka yena hara lona, jwalokaha le tseba le lona.