Mattheu 9:18 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re a sa ba bolella taba tseo, bonang, ha fihla mmusi e mong, a mo kgumamela, a re: Moradi wa ka o se a shwele; Sesotho 1909/1961 (SO) A re a sa ba bolella ditaba tseo, hang, kgosana ya fihla, ya mo kgumamela, ya re: Moradi wa ka o tswa shwa hona jwale; empa tloo, o bee seatla sa hao hodima hae, mme o tla boela a phele. BIBELE Ha Jesu a ntse a ba bolella tsena, ha fihla e mong wa baokamedi ba ntlo ya thapelo, a mo kgumamela, a re: “Moradi wa ka o sa tswa hlokahala, empa tlo o mmee letsoho, mme o tla phela.” Baasraak Sotho NT A re a sa ba bolella taba tseo, bonang, ha fihla mmusi e mong, a mo kgumamela, a re: Moradi wa ka o se a shwele; |
Jwale mma bana ba Sebedea a tla ho yena le bara ba hae, a kgumama, a kopa ntho e nngwe ho yena.
Yaba mmusi wa sinagoge a halefa, kahobane Jesu a fodisitse ka tsatsi la Sabatha, a re ho batho: Ho na le matsatsi a tsheletseng ao ho ka sebetswang ka wona; letsatsi.
Mme mmusi e mong a mmotsa, a re: Moruti ya molemo, ke etse eng hore ke rue bophelo bo sa feleng?
Mme mohlanka wa molaodi e mong, eo a neng a mo rata, o ne a kula, a le makgatheng a ho shwa.
Jesu a re ho yena: Ke nna tsoho le bophelo: ya dumelang ho nna, leha a shwele, o tla phela.
Maria, ha a fihla moo Jesu a leng teng, ha a mmona, a itihela maotong a hae, a re ho yena: Morena, hoja o ne o le teng, kgaitsedi ya ka e ka be e sa shwa.
Eitse hobane ho balwe Molao le Baporofeta, balaodi ba sinagoge ba romela ho bona, ba re: Banna ba heso, ekare ha le ena le lentswe la kgothatso bakeng sa setjhaba, le bolele.
Eitse ha ntata Publiase a robetse, a tshwerwe ke feberu le ke phallo ya madi; Pauluse a kena ho yena, a rapela, a mmea matsoho hodima hae, a mo fodisa.