Jwale barutuwa ba Johanne ba tla ho yena, ba re: “Ke ka baka lang rona le Bafarisi re itima dijo hangata, empa barutuwa ba hao ha ba itime dijo?
Mattheu 9:15 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a re ho bona: Na banyadi ba ka lla, monyadi a sa na le bona na? empa matsatsi a tla tla, ao monyadi a tla tloswa ho bona, mme ke hona ba tla itima dijo. Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a re ho bona: Balekane ba monyadi na ba ka lla, monyadi ha a sa le ho bona na? Empa nako e a tla eo monyadi a tla tloswa ho bona, ke hona ba tla itima dijo. BIBELE Jesu a ba araba, a re: “Na baetsana ba ye ba hlomohe ka nako eo monyadi a ntseng a ena le bona? Ho tla tla matsatsi ao ka wona monyadi a tla tloswa ho bona, e be hona ba itimang dijo. Baasraak Sotho NT Jesu a re ho bona: Na banyadi ba ka lla, monyadi a sa na le bona na? empa matsatsi a tla tla, ao monyadi a tla tloswa ho bona, mme ke hona ba tla itima dijo. |
Jwale barutuwa ba Johanne ba tla ho yena, ba re: “Ke ka baka lang rona le Bafarisi re itima dijo hangata, empa barutuwa ba hao ha ba itime dijo?
Jesu a re ho bona: Na banyadi ba ka itima dijo, monyadi a sa na le bona na? ha feela ba sa na le monyadi ho bona, ba sitwa ho itima dijo.
Empa matsatsi a tla tla ao monyadi a tla tloswa ho bona, mme ke hona ba tla itima dijo matsatsing ao.
A re ho barutuwa: Ho tla matsatsi ao ka wona le tla lakatsa ho bona le leng la matsatsi a Mora motho, mme le ke ke la le bona.
Empa matsatsi a tla tla ao monyadi a tla tloswa ho bona, mme ke hona ba tla itima dijo matsatsing ao.
Ya nang le monyaduwa ke monyadi; empa motswalle wa monyadi, ha a ema, a mo utlwa, o thaba haholo ka baka la lentswe la monyadi;
Eitse hobane ba ba beele baholo phuthehong e nngwe le e nngwe, ba rapele ka ho itima dijo, ba ba bea ho Morena, eo ba dumetseng ho yena.
Le se ke la etsetsana bolotsana, haese ka tumellano ka nako e itseng, le tle le ikemisetse ho itima dijo le ho rapela; le boele le kopane, Satane a tle a se ke a le leka ka baka la ho se ithibe ha lona.
Ka kgathala le bohloko, ke fadimehile hangata, ka tlala le lenyora, ka ho itima dijo hangata, ka serame le ho hlobola.
A re ho nna: Ngola, o re: Ho lehlohonolo ba memetsweng selallong sa lenyalo la Konyana. Yaba o re ho nna: Tsena ke dipolelo tsa nnete tsa Modimo.
Yaba ke bona motse o halalelang, Jerusalema e motjha, o theoha lehodimong ho Modimo, o itokisitse jwaloka monyaduwa ya itlhophiseditseng monna wa hae.