Mattheu 7:14 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane monyako wa bophelo o patisane, le tsela e isang bophelong e tshesane, mme ba e fumanang ha ba bakae. Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane monyako wa bophelo o patisane, le tsela e yang teng e tshesane, mme ba e fumanang ha ba bakae. BIBELE empa kgoro e isang bophelong e patisane, le tsela e yang teng e boima, mme ba e fumanang ha ba bakae.” Baasraak Sotho NT Hobane monyako wa bophelo o patisane, le tsela e isang bophelong e tshesane, mme ba e fumanang ha ba bakae. |
Hlokomelang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba apere seaparo sa nku, empa ka hare e le diphiri tse harolang.
Eitse hobane a biletse bongata ho yena le barutuwa ba hae, a re ho bona: E mong le e mong ya ratang ho ntshala morao, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntatele.
Ke le boleletse taba tseo, hore le be le kgotso ho nna. Mo lefatsheng le tla ba le matshwenyeho: empa betang pelo; Ke hlotse lefatshe.
Ba tiisa meya ya barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, le hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.
Le se ke la ipapisa le lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ntjhafatso ya dikelello tsa lona, le tle le lemohe seo e leng thato ya Modimo e molemo, e kgahlisang, e phethehileng.
Hobaneng? Hobane ba ne ba sa e batla ka tumelo, empa e le ka mesebetsi ya molao. Hobane ba ile ba kgoptjwa ke lejwe la kgopiso;