Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 7:14 - BIBELE

14 empa kgoro e isang bophelong e patisane, le tsela e yang teng e boima, mme ba e fumanang ha ba bakae.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Hobane monyako wa bophelo o patisane, le tsela e yang teng e tshesane, mme ba e fumanang ha ba bakae.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 Hobane monyako wa bophelo o patisane, le tsela e isang bophelong e tshesane, mme ba e fumanang ha ba bakae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Hobane monyako wa bophelo o patisane, le tsela e isang bophelong e tshesane, mme ba e fumanang ha ba bakae.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 7:14
27 Referencias Cruzadas  

O tla mpontsha tsela ya bophelo; thabo e kgaphatsehang e fumanwa ho wena, ho ba ka tsohong la hao le letona ke monyaka o sa feleng.


Ke tsamaya tseleng ya toka, tsela ya ka ke tsela ya molao.


Leha le ka kgelohela ka tsohong le letona kapa ka ho le letshehadi, le tla utlwa lentswe le le nyenyeletsa, le re: “Ena ke yona tsela, tsamayang ka yona.”


Mmila o moholo o tla ba teng moo, o rewe lebitso la Tsela ya Kgalalelo. Baetsadibe ba ke ke ba tsamaya ka yona, e tla ba ya ba lokelang ho e tsamaya, ba ke ke ba lahleha leha e le dithoto.


Lentswe le tla re: “Katang, katang, le batalatse mmila! Tlosang se kgopang tseleng ya tjhaba sa ka!”


Morena o bua tjena: “Emang mateanong a ditsela le qamake, le botse: ‘Tsela ya kgale, e lokileng, e kae?’ Tsamayang ka yona, mme le tla fumana phomolo. Empa lona la re: ‘Ha re ka ke ra e tsamaya!’


“Ka mokgwa o jwalo ba ho qetela e tla ba ba pele, ba pele e be ba ho qetela.”


“Ba mengwang ba bangata, empa ba kgethwang ha ba bakae.”


“Kenang ka kgoro e patisaneng, hobane kgoro e isang timelong e hebehebe, le tsela e yang teng e sephara, mme ba kenang ka yona ba bangata,


“Hlokomelang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba ikgakantse eka ke dinku, empa kahare e le diphiri tse harolakang.


A bitsa letshwele le barutuwa ba hae, a re ho bona: “Haeba motho a rata ho ntatela, a itele, a jare sefapano sa hae, mme a ntatele.


“Se tshabeng, mohlatswana, hobane Ntata lona o kgahlilwe ke ho le nea Mmuso.


Ba tla le tebela matlung a thapelo; etswe nako e a tla eo ka yona mang kapa mang ya le bolayang, a tla hopola hore o sebeletsa Modimo.


“Ditaba tsena ke di buile ho lona hore le tle le fumane kgotso ho nna. Le tla ba le matshwenyeho lefatsheng, empa kgothalang, nna ke hlotse lefatshe.”


Ba matlafatsa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothaletsa ho tiisetsa tumelong, ba re: “Eka kgona re kene Mmusong wa Modimo ka ho feta hara matshwenyeho a mangata.”


Le se ke la tshwana le ba lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ho ntjhafala dikelellong, hore le tle le iphumanele seo thato ya Modimo e leng sona, e leng sohle se molemo, se kgahlehang, se phethehileng.


Hobaneng? Hobane ba ne ba shebile diketso, e seng tumelo. Ba kgopilwe ke lejwe le kgopang,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos