Mattheu 6:6 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa wena, ha o rapela, kena ka phaposing ya hao e ka hare, mme ha o kwetse monyako wa hao, o rapele Ntatao ya sephiring; mme Ntatao ya bonang sephiring, o tla o putsa. Sesotho 1909/1961 (SO) Empa wena, ha o rapela, kena phaposing ya hao, mme ha o kwetse monyako wa hao, o rapele Ntatao ya sephiring; mme Ntatao ya bonang sephiring, o tla o putsa. BIBELE Empa wena ha o rapela, kena ka kamoreng ya hao, o kwale monyako, o rapele Ntatao ya leng teng le sephiring, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa. Baasraak Sotho NT Empa wena, ha o rapela, kena ka phaposing ya hao e ka hare, mme ha o kwetse monyako wa hao, o rapele Ntatao ya sephiring; mme Ntatao ya bonang sephiring, o tla o putsa. |
e le hore o se ke wa bonahala ho batho hore o itima dijo, empa ho Ntatao ya sephiring, mme Ntatao ya bonang sephiring o tla o putsa.
Nathanaele a re ho yena: O ntsebela kae? Jesu a araba, a re ho yena: Ke o bone pele Filipi a o bitsa, o le tlasa sefate sa feiye.
Jesu a re ho yena: O se ke wa ntshwara; hobane ha ke eso nyolohele ho Ntate; le ho Modimo wa ka, le Modimo wa lona.
Korenelio a re: Matsatsi a mane a fetileng ke ne ke itima dijo, ho fihlela hora ena; ka hora ya boroba mono o le mong, ka rapela tlung ya ka, mme bonang, ka bona monna ya apereng seaparo se kganyang, a ema pela ka;
Ka hosasane, ha ba ntse ba le leetong, ba se ba atametse motse, Petrose a nyolohela hodima ntlo ho ya rapela, hoo e ka bang ka hora ya botshelela.
Empa Petrose a ba ntshetsa kantle kaofela, a kgumama ka mangole, a rapela; a retelehela ho setopo, a re: Tabitha, tsoha. A tutubolla mahlo a hae: mme ha a bona Petrose, a dula.
Gonne ba ba ka fa nameng ba tlhokometse dilo tsa nama; empa ba ho ya ka Moya ke tsa Moya.