E mong le e mong ya nosang e mong wa ba banyenyane bana mohope feela wa metsi a batang, kahobane e le morutuwa, kannete ke re ho lona: A ke ke a timellwa ke moputso wa hae le ka mohla o le mong.
Mattheu 6:4 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hore dithuso tsa hao di be sephiring, mme Ntatao ya bonang sephiring o tla o putsa. Sesotho 1909/1961 (SO) hore thuso ya hao e be sephiring; mme Ntatao ya bonang sephiring, o tla o putsa. BIBELE thuso ena ya hao e be ya sephiri, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa.” Baasraak Sotho NT Hore dithuso tsa hao di be sephiring, mme Ntatao ya bonang sephiring o tla o putsa. |
E mong le e mong ya nosang e mong wa ba banyenyane bana mohope feela wa metsi a batang, kahobane e le morutuwa, kannete ke re ho lona: A ke ke a timellwa ke moputso wa hae le ka mohla o le mong.
e le hore o se ke wa bonahala ho batho hore o itima dijo, empa ho Ntatao ya sephiring, mme Ntatao ya bonang sephiring o tla o putsa.
Empa ha o etsa dithuso, letsoho la hao le letshehadi le se ke la tseba seo letsoho la hao le letona le se etsang.
Empa wena, ha o rapela, kena ka phaposing ya hao e ka hare, mme ha o kwetse monyako wa hao, o rapele Ntatao ya sephiring; mme Ntatao ya bonang sephiring, o tla o putsa.
O tla ba lehlohonolo; hobane ba ke ke ba o buseletsa, hobane o tla buseletswa tsohong ya ba lokileng.
Hobane ha ho letho le sephiring, le ke keng la bonahala; leha e le letho le patilweng, le ke keng la tsejwa, mme la tla pepeneneng.
Ka baka leo, le se ke la ahlola letho pele ho nako, ho fihlela Morena a etla, ya tla hlahisa tse patilweng tsa lefifi leseding, mme a bonahatse merero ya dipelo;
Le teng ha ho sebopuwa se sa bonahaleng mahlong a wona, empa tsohle di hlobotse, di tutubolohile mahlong a eo re nang le taba le yena.
Ho yena ya nang le matla a ho le boloka le se ke la wa, le ho le hlahisa le se na sekodi pela sefahleho sa hae, ka thabo e kgolo.
Bana ba hae ke tla ba bolaya ka lefu; mme dikereke tsohle di tla tseba hobane ke nna ya lekolang matheka le dipelo, mme ke tla nea e mong le e mong wa lona ho ya ka mesebetsi ya hae.