Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Yuda 1:24 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Ho yena ya nang le matla a ho le boloka le se ke la wa, le ho le hlahisa le se na sekodi pela sefahleho sa hae, ka thabo e kgolo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Jwale, ho ya ka tsebang ho le boloka, hore le se ke la wa, le ho le hlahisa pontsheng ya hae e kganyang, le se na letheba, le nyakaletse,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 Ho ya nang le matla a ho le boloka hore le se ke la kgoptjwa, le a ho le hlahisa kapela tlotla ya hae le se na sekodi, le nyakaletse,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

24 Ho yena ya nang le matla a ho le boloka le se ke la wa, le ho le hlahisa le se na sekodi pela sefahleho sa hae, ka thabo e kgolo.

Ver Capítulo Copiar




Yuda 1:24
28 Referencias Cruzadas  

Hobane Mora motho o tla tla ka kganya ya Ntatae le mangeloi a hae; mme mohlang oo, o tla nea e mong le e mong ka tekanyo ya diketso tsa hae.


Jesu a re ho bona: Kannete ke re ho lona: Lona ba ntatetseng, mehleng ya ho tswalwa ha Mora motho, ha a se a dutse teroneng ya kganya ya hae, le lona le tla dula diteroneng tse leshome le metso e mmedi, le ahlola meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.


Mohla Mora motho a tlang ka kganya ya hae, a ena le mangeloi a halalelang kaofela, ke moo a tla dula teroneng ya kganya ya hae.


Thabang, le nyakalle, hobane moputso wa lona o moholo mahodimong;


Hobane e mong le e mong ya hlajwang ke dihlong ka nna le ka dipolelo tsa ka, Mora motho o tla hlajwa ke dihlong ka baka la hae, mohla a tlang ka kganya ya hae, le ya Ntatae, le ya mangeloi a halalelang.


Wena o mang, o ahlolang mohlanka wa e mong? o ema ho monga hae, leha e le ho wa. E, o tla phahamisoa, hobane Molimo o khona ho mo emisa.


Jwale re tla reng tabeng tsee? Ha Modimo a eme le rona, ke mang ya ka bang kgahlano le rona?


Hobane ke le boulela ka poulelo ya Modimo;


re ntse re tseba hobane ya tsositseng Morena Jesu bafung, le rona o tla re tsosa ka Jesu, mme o tla re hlahisa le lona.


Hobane mahloreho a rona a bobebe, a motsotsoana, a re sebeletsa boima bo fetisisang, bo sa feleng, ba kganya;


Ho yena ya nang le matla a ho etsa ka ho fetisisa ho fetisa tsohle tseo re ka di kopang kapa tseo re di nahanang, ho ya ka matla a sebetsang ho rona.


e le hore a tle a itlhomele phutheho e khanyang, e se nang letheba, kapa lesokoana, leha e le ntho e joalo; empa e tle e be e halalelang, e se nang sekodi.


Mmeleng wa nama ya hae ka lefu, a tle a le hlahise pela hae le halalela, le hloka sekodi, le sa nyatsehe.


Ke yena eo re mo bolelang, re lemosa batho bohle, mme re ruta batho bohle ka bohlale bohle; re tle re hlahise motho e mong le e mong a phethehile ho Jesu Kreste;


Etlare ha Kreste e leng bophelo ba rona a hlaha, le lona le tla hlaha le yena kganyeng.


Morena o tla ntopolla mesebetsing yohle e mebe, mme o tla mpolokela ho isa mmusong wa hae wa lehodimo: ho yena e be kganya ka ho sa feleng! Amen.


Hobane mang kapa mang ya bolokang Molao wohle, empa a wela molaong o le mong, o molato ho wona wohle.


Empa thabang, kahobane le bile le kabelo mahlokong a Kreste; hore mohla kganya ya hae e bonahatswang, le tle le thabe ka thabo e fetisisang.


Ka baka leo, banabeso, itekeng ka ho fetisisa ho tiisa pitso le kgetho ya lona;


Le ipoloke leratong la Modimo, le ntse le lebeletse mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste bophelong bo sa feleng.


Mme melomong ya bona ha ho a ka ha fumanwa mano, hobane ha ba na molato pela terone ya Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos